TOKOMANE YA MARENA YA DITOKELO TSA BOTHO
SELELEKELA
KAKARETSO YA NALANE YA TLWAELO YA DITOKELO TSA BOTHO HO LA AFRIKA BORWA.
Ena ke tlhophollo e akaretsang ya ka moo thuto ya tlwaelo ya ditokelo tsa botho e nnile ya thathika ka teng mona ho la Afrika Borwa. Ha taba ena e tadingwa ho tloha ditokomaneng tsa matjhaba le tsa selehae, ditokelo tsa botho di lokela hore di lekolwe di hlahuwa kantle ho leba kahare. Ntle le taba ya ho shaitsa ha tsebo thutong ena ho tliswang ke hore mohopolo ona wa ditokelo tsa botho o boetse wa ananelwa botjha ho la Afrika Borwa, kgaolong ena ho tla hlwelwa ditokomane tsa matjhaba, tsa selehae le tsa naha.
DITOKOMANE TSA MATJHABA
Mathata a dipolayano ao batho ba ileng ba thulana le ona nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe a ile a etsa hore Matjhaba a Kopaneng a fihlele qeto ya ho hlahisa boitlamo ba bona ba kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Sena se etsahetse ho tloha ka selemo sa 1946 ha Seboka sa Matjhaba a Kopaneng se ne se theha Tjhata ya Matjhaba a Kopaneng. Selelekela sa yona se boetse se tiisa ?tumelo ya ditokelo tsa mantlha tsa botho, ho latela seriti le boleng ba botho ba batho, tekanong ya ditokelo tsa banna le tsa basadi?.
Afrika Borwa jwalo ka mmuso oo e leng setho e ile ya ba le seabo sa bohlokwa Tjhateng ena hobane Tonakgolo ya teng, Jeneral Smuts, o ile a rala Tjhata ena. Diathekele tsa Tjhata ena hara tse ding, di tlama Matjhaba a Kopaneng ? ho kgothaletsa tlhompho e akaretsang ya kananelo ya ditokelo tsa botho le bolokolohi ba mantlha ba bohle ntle le kgethollo ho latela bomorabe, bong, puo kapa bodumedi.
Ho latela athekele ya 56, ho ne ho lebeletswe hore mebuso eo e leng ditho e tla ikamahanya le tokomane ena. Le ha ho le jwalo, ho ile ha hlaka hore Afrika Borwa e nnile ya tswela pele ho tlola molao wa ditokelo tsa batho. Le ha Matjhaba a Kopaneng a ile a boela a tsepamisa qeto ya hore ho molemong wa botho hore ho fediswe kgethollo ya batho ho latela bomorabe, Yunione kapa Rephaboliki ya Afrika Borwa e nnile ya tswela pele ka ho tlola ditokelo tsa botho ba batho.
Tjhadimo ena e ne e thehilwe athekeleng ya 2.7 ya Tjhata ena e neng e thibela boitshunyatshunyo ba Seboka sa Kakaretso ?ditabeng tsa selehae? e neng e bonwa e fana ka bolokolohi ba tlolo e tshabehileng ya ditokelo tsa botho. Kgethollo ya Afrika Borwa e neng e thehilwe bomorabeng e ne e bonahala e sa kgeme le boitlamo ho latela Tjhata ke ka hoo ka 1982 Matjhaba a Kopaneng a ileng a etsa qeto ya ho kgaola maqhama a yona a bonqosa le Afrika Borwa.
Afrika Borwa ha e amohela tjhadimo e na e fosahetseng ya Tjhata, e ne e itshetlehile dipheng tse seng kae tse ileng tsa qotswa mona Tjhateng, tse kang:
Kgaello ya tlhako e ntle e tlisang tlhokeho ya boitlamo
Tsela ya tlhokeho ya qobello
Athekele ya 2.7 e ne e tlisa kgohlano dipakeng tsa ditokelo tsa botho le boitlamo, mmusong oo e leng setho hobane e ne e hlahisa hore, ha ho letho le fuperweng ke Tjhata ena le tla fana ka matla Matjhabeng a Kopaneng ho itshunyatshunya ditabeng tse welang tlasa taolo ya selehae tsa mmuso ofe kapa ofe kapa le tla etsa hore ditho di hlokwa hore di fetisetse dintlha tsena tharollong tlasa tjhata ena, empa motheo o ke ke wa beha ka mosing tshebediso ya mehatoya qobello ho latela Kgaolo ya VII.
Empa ntle le dikgaello tseo tsa ona, Tjhata e ile ya fana ka lesedi la bohlokwa la ntshetsopele le ntlafatso ya tabatabelo tsa ditokelo tsa botho tsa matjhaba ha mmoho le maemo. Mohlala, mekgatlo e fapaneng e ile ya thehwa ka boitshetleho ba thuso ya Matjhaba a Kopaneng, kgotsofatsong ya boitlamo ba Tjhata. Mehato ena e ne e le ka sebopeho sa diphatlalatso kapa ba dipokano. Tse ileng tsa etella pele Dipokano tsena di ke di na le metheo e batsi ho netefatsa bomolao ba dilekane tse tlabolwang. Tokomane e amohetsweng pele ka selemo sa 1948 e ne e le Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Botho. Tokomane ena e ile ya amohelwa ke mebuso e 48 ho e 56 eo e leng ditho, mme mebuso e 8 e neng e kenyeleditse le Afrika Borwa ha e ya vouta. Le ha ho le jwalo tokomane ena e ile ya fihlella kananelo e batsi eo e leng mokolokotwane boemong ba selehae le ba matjhaba. Hape sena se ile sa bontsha tshebediso ya tjhadimo ya Matjhaba a Kopaneng ya phatlalatso. Tjhadimo ena e hlahisitswe le molaetseng o phatlaladitsweng ka bobatsi o ileng wa fumanwa ofising ya Ditaba tsa Molao moo e reng ho latela matla le bohlokwa ba phatlalatso, e ka nkwa e na le tshusumetso ya tebello e matla lebitsong la mokgatlo o e ananelang, ya hore ditho tsa setjhaba sa matjhaba di tla ikamahanya le yona. Ka lebaka lena, ho ya ka moo tebello e yang e matlafatswa ke tshebetso ya Puso, phatlaltso ena, ka tlwaelo e ka nna ya ananelwa e le e tsepamisang melawana e tlamang mebuso. SHo thusa ho esa monyetla wa bomolao ba Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Botho, Selekane sa Matjhaba sa ditokelo tsa Boahi le Dipolotiki ha mmoho le Selekane sa ditokelo tsa Moruo, tsa Phedisano le tsa botjhaba di ile tsa amohelwa ke Matjhaba a Kopaneng ka maikemisetso a hlakileng a ho fetola hore phatlalatso e sa tlameng e fetohe e tlamang ya molao eo ka kakaretso e tsejwang e le ?Bili ya matjhaba ya Ditokelo?. Hamorao e ile ya ananelwa ke Afrika Borwa ka 1962. Tshireletso e tswelang pele ya ditokelo tsa botho e ile ya sebediswa ka ntshetsopele ya ditokomane tsa lebatowa tse kang European Convention ka selemo sa 1950 molemong wa tshireletso ya ditokelo tsa botho le bolokolohi ba mantlha. Dikahare tsa European Convention di ile tsa anelwa kgetlong la pele Afrika Borwa Biling ya Ditokelo ya Bophuthatswana. Le ha ho le jwalo mohopolo ona o ile wa hanwa ke Muso wa mehleng wa Afrika Borwa o neng o na le taolo e phethahetseng ya mebuso ya mahae.
DITOKOMANE TSA LEBATOWA
Ho latela tlhaloso ena e ka hodimo ho hlakile hore tlwaelo ya ditokelo tsa botho e ile ya lokela ho nama ho latela dipallo tsa Tjhata ya Matjhaba a Kopaneng. Mohlala, athekele ya 56 e totobatsa hore ditho di itlama ka ho sebetsa mmoho le ka ho fapana ho sebedisana le mokgatlo molemong wa ho finyella dipheo tsena tse hlahisitsweng athekeleng ya 55. Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Botho ho la Afrika Borwa e ile ya sitiswa ke tshebetso ya taolo ya bikolone, ke ka hoo qalehong Matjhaba a Kopaneng a ile a hloleha tekong ya ona ya ho qobella Afrika Borwa ho fetola maano ya kgethollo ya morabe ho fihlela Matjhaba a Kopaneng a kenya tshebetsong dikotlo tsa qobello ka selemo sa 1982. Nakong yona eo tlwaelo ya ditokelo tsa botho e ile ya atleha ho fumana tsela ya ho finyella Afrika nakong eo Kopano ya Selekane sa Afrika (OAU) e neng e bopa Tjhata ya Afrika ka 1961.
Le ha tshebetso ena e ile ya dieha nakong ya dilemo tse 20, dipakeng tsa meralo ya pele ya tokomane ena ka 1981 jwalo ka tjhata ya Banjul e ile ya fihlela katleho e kgolo bakeng sa kananelo ya mokgatlo wa ditokelo tsa botho Afrika. Lekgetholli le hlahetseng ho feta la tokomane ena e ile ya ba kananelo ya ?ditokelo tsa botho? e bontshang boitlamo ba katoloso ya mohopolo wa ditokelo tsa botho. Ntlha ena e totobatswa selelekeleng sa ditaba moo ho buuwang ka boitlamo bo nkilweng ke mebuso eo e leng ditho ?ho fihlella bophelo bo ntlafetseng ba batho ba Afrika?. Boitlamo bona bo ile ba ana ka phepetso ho Afrika Borwa hobane e ne e sa ikabela kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Tabataba e ne e le ho tlisa poelano dipakeng tsa ditokelo tsa batho tse etseditsweng monyetla tjhateng ya Afrika le ditokelo tsa botho tse behellwang pele ke ditokomane tsa matjhaba. Ho ile ha bonahala hore Afrika Borwa e lokela hore e sebetse ka mokgwa o tla etsa hore e ananele ditokelo tsa botho pele e sebedisa Tjhata ya Afrika ho la Afrika Borwa.
Phepetso e ile ya ntshetswa pele ke mokgatlo wa Maqwetha a Ditokelo tsa Botho, o ileng wa thehwa ka selemo sa 1979. Sepheo sa sehlooho sa mokgatlo ona e ne e le ho kgothaletsa le ho matlafatsa ditokelo tsa botho tse amanngwang le puso ya molao le tsamaiso ya toka le tshireletso ya tokoloho tsa mantlha ho latla Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Molao. Ka selemo sa 1987, ho ile ha thehwa bolaodi bo sebetsang ka dinako tsohle ka morero wa ho etsa matsholo a tshireletso le qobello ya ditokelo tsa mantlha. Sehlopha sena se ile sa ba le tshusumetso e kgolo Afrika Borwa hoo ho ileng ha hlaka hore phetoho e lokela ho etswa molaong wa motheo, molemong wa tshireletso ya ditokelo tsa botho.
DITOKOMANE TSA NAHA
Pelel ho Molao wa Motheo wa nakwana wa 1993, kgatello ya kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho ho la Afrika Borwa e ile ya tliswa ka ditokomane tsa matjhaba, tsa lebatowa le tsa naha. Tsona ke tse latelang: Tjhata ya Matjhaba a Kopaneng, Phatlalatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Botho, Tjhata ya Afrika, Tjhata ya African National Congress le matsholo a thuto a neng a tsamaiswa ke mokgatlo wa Maqwetha a Ditokelo tsa Botho. Kgatello ya matjhaba ya karohanngo, e leng phediso ya puso ya kgethello ya ?apartheid?, e ile ya tlisa tshebetso ya ho fetolwa ha molao wa motheo e ileng ya etsa hore ho thehwe palamente e koto di tharo ?tricameral parliament? ka selemo sa 1983. Sena ebile matshwao a pejana a supang ho fela ha nako e thata e neng e le kgahlano le ditokelo tsa botho, ke ka hoo ka 1987 Bophuthatswana e ileng ya leka ho Kenya Bili ya Ditokelo tsa botho e entseng pale Afrika e ka Borwa. Afrika Borwa e ile ya lemoha ka potlako hore kgatello ha e kgone ho bokella seriti le taolo ya yona, ke ka hoo e ileng ya qalella ho tsoma dibopeho tse ntjha tsa molao wa motheo tse tla kgona ho amohela kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Ka hoo ka selemo sa 1986 Letona la Toka (Cootze JH), le ile la thonya Khomishene ya Molao ya Afrika Borwa ?South Africa Law Commission? ho fuputsa tshireletso ya ditokelo tsa botho. Ho sa le jwalo, sehlopha sa maqwetha a neng a lwantsha kgethollo (National Association Democratic Lawyers) se ne se lemohile hore ba entse tlhahiso ya hore ho ntjhafatswe molao wa motheo empa leano la Naha ha le a nkella hloohong ditabatabelo tsa batho mme ba kgothaletsa South African Law Commission ho kenyeletsa tse ding tsa dipallo tsa tjhara ya Tokoloho le Tjhata ya Banjul.
Mohopolo wa kananelo ya ditokelo tsa botho le tshireletso ya tsona o ile wa butswa ka morao hoba Mopresidente De Klerk (Mopresidente wa qetelo wa Nakong ya Apartheid) a fane ka puo e ileng ya tuma haholo. O ile a hlalosa ?hore mmuso o amohela motheo wa kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa mantlha tse bopang motheo wa molao wa motheo wa demokerasi tse ngata tsa bophirimela. Le rona re dumela hore tsela e sebetsang ho feta ya tshireletso ya ditokelo tsena e itshetlehile phatlalatsong ya ditokelo e netefatswang ke toka e ikemetseng?. O ile a tswela pele ho kgothaletsa South African Law Commission ho nehelana ka tlaleho ya yona ya qetelo e mabapi le Bili ya Ditokelo e lohothwang. Ka morao ho dipuisano tse nkileng nako e telele tsa mahlakore ohle a nang le thahasello ho tloha ka 1991, le ha tsena di ile tsa fanyehwa ka selemo sa 1992 ka lebaka la pepeso ya dikgoka ya Kwazulu-Natal, Molao wa Motheo wa Nakwana o ile wa tla ka makgabane a mararo a bohlokwa ka selemo sa 1993, e leng ana a latelang?
Ho nkellwa hodimo ha Molao wa Motheo
Demokerasi, le
Tshireletso ya Molao ya ditokelo tsa mantlha
Ka hoo ditokelo tsa botho di ile tsa qetella di ananetswe, di sireleditswe mme di phethahaditswe mona Afrika Borwa le ho kenngwa Molaong wa Motheo ho tloha ka selemo sa 1993. Molaong wa Motheo wa hona jwale, karolo ya 7 e etsa monyetla wa hore ?Bili ya Ditokelo ke tshiya ya demokerasi ho la Afrika Borwa. E fupere ditokelo tsa batho bohle ba naheng ena ya rona mme e tiisa makgabane a demokerasi a seriti sa botho, tekanole tokoloho. Empa ke karolo ya 8 e fanang ka tshireletso kaofela e etsang monyetla wa hore Bili e sebetsa molaong kaofela le hore e tlama lekgotla le etsang molao, lekgotla la phethahatso le molao ho fapana le molao wa motheo wa nakong e fetileng o neng o phatlalatsa boikemelo ba palamente. Molao wa motheo o qeteletse o rarolotse dikgaello tsa kananelo le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Ho netefatsa tlamo ya molao wa motheo, molao wa motheo o entse le monyetla wa boikemelo ba molao ha mmoho le Lekgotla la Molao wa Motheo le mekgwa ya tshireletso, e tshwanang le makgotla a mang le Dikhomishene.
Qetellong, tlhophollo ya kakaretso e ka hodimo e bontshitse ka mokgwa o hlakileng tshusumetso e matla ya ditokomane tsa matjhaba, tsa lebatowa le tsa naha mabapi le ho rotetsa tlwaelo ya ditokelo tsa botho ho la Afrika Borwa. Le ha Molao wa Motheo o na le dipha kapa ona mathata a qaleho, o kgonne ho rarolla mathata a dipolao ao batho ba habo rona ba neng ba thulana le ona mmusong wa nakong e fetileng. Ho feta mona monyetla wa ona wa bolokolohi ba ho buwa o ile wa etsa hore batho ba lemohe ho feta ditokelo tsa bona mme ke ka hoo sena se matlafatswang ke lenaneo la hona jwale la thuto ya ditokelo tsa mantlha tsa botho ho etsa bonnete ba hore Bili ya Ditokelo e phethahatswa ho feta.
DIKETSAHALO TSE ILENG TSA ETSA HORE DITOKELO TSA BOTHO DI ANANELWE: AFRIKA BORWA
Ditokelo tsa botho ho la Afrika Borwa di ne di ripitlelwa ka maoto ebile ho na le diketsahalo tse tshosang tse neng di etswa ke mmuso wa kgethollo wa ?apartheid? ha mmoho le diktumellano tsa teng. Re utlwile ka bongata ba dintho tsena nakong ya ha ho ne ho mametswe bopaki Khomisheneng ya Nnete le Poelano (TRC) kapa rona, malapa a rona, metswalle le baahisani re ile ra thulana le diketso tsena tsa ho hatikela ditokelo ka maoto le sehlooho se tshebehang. Palamente e ne e le yona e ka sehloohong, e phahametse tsohle, mme e ne e fetisa melao ya kganyapetso, e neng e fetiswa ke makgotla a rona a dinyewe a neng a hloka boikemelo. Ka lebaka lena, mekgatlo e fapafapaneng e neng e lwantsha kgethollo ya ?apartheid? ho la Afrika Borwa e ile ya rala Tjhata ya tokoloho mme ena ebile tokomane ya pele le ya bohlokwa ya Ditokelo tsa Botho, e ileng ya fumana tshehetso palong ya baahi ba bangata ba Afrika Borwa. Ka lebaka lena, ha Afrika Borwa e ne e phatlalatsa Tataiso tsa Molao wa Motheo tsa Afrika Borwa ya Demokerasi, Tjhata ena e ile ya fetoha karolo ya tsona.
Ka morao hoba mekgatlo yohle ya dipolotiki e bulelwe mme e se hlole e thibelwa le hoba Mopresidente wa mehleng, Nelson Mandela a lokollwe, ho ile ha etswa Molao wa Motheo wa nakwana. Ona ebile selelekela sa Molao wa Motheo wa hona jwale, e leng o meng wa Melao ya Motheo e hatetseng pele ka ho fetisisa lefatsheng. Molao wa rona wa Motheo o ile wa saenelwa ke Mopresidente Mandela ka Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho, e leng la 10 December 1996.
Molao wa rona wa Motheo ke ona molao o ka sehloohong ho e meng kaofela naheng ena mme o kenyeletsa Bili ya Ditokelo, eo e leng tshiya ya demokerasi ho la Afrika Borwa. Bili ya Ditokelo e fupere ditokelo tsa batho bohle ba Afrika Borwa mme e tiisa makgabane a demokerasi a ditokelo tsa botho, tekano le bolokolohi. Ka ho mamiella ditokelo tsena mmuso o tiisetsa baahi ba nahana ena hore ba tla sireletswa mme ba fumane tokoloho ya ho phela ka moo ho kgonehang ka teng.
DITOKELO TSA BOTHO KE ENG?
Ditokelo tsa botho ke ditokelo tseo batho ba bonwang ba na le tsona ho latela botho ba bona le seriti seo ba nang le sona sa tswalo. Achbishopo Desmond Tutu o ile a hlalosa ditokelo tsa botho e le ?tseo Modimo a fananeng ka tsona, lebaka ke le bonolo la hobane re le batho. Di akaretsa bohle ? batho bohle ho sa natswe hore ke bo mang, ba ruile kapa ba futsanehile, ba rutehile kapa ba hloka tsebo, ba batle kapa ba babe, ba batsho kapa ba basweu, monna kapa mosadi hobane e le batho. ?..Jwalo ka Mokreste ke tla phaella ka hore motho e mong le e mong o na le boleng bo sa feleng hobane batho bohle ba entswe ka setshwantsho sa Modimo. Motho e mong le e mong o na le bomodimo ho yena mme ho tshwarwa motho e mong ka nyediso hona ke ho tlaela, le ho tshwala sefahleho sa Modimo ka mathe?.
Mohopolo wa mantlha ke hore batho ba na le kelello ebile ba na le boitshwaro, mme ka hoo ba fapane le dibopuwa tse ding tsa lefatshe. Ka hoo, batho ba na le tokelo tse itseng le bolokolohi, e leng dintho tseo dibopuwa tse ding di se nang tsona. Mohlala, pokola e ke ke ya hana ho jara motho hobane e batla ho tshwaro e hlokang leeme mosebetsing, ha e na hona hore e ka etsa dipeeso tsa boipelaetso. Le ha ho le jwalo, motho a ka kgothaletsa tshireletso ya dibopuwa tse ding, tse kang ho thibela tlhoriso e sehlooho ya diphoofolo.
Ka lebaka lena, ditokelo tsa Botho ha ho fanwe ka tsona, ha di fanwe jwalo ka lefa, ha rekwe kapa hona ho amohelwa e le moputso. Batho ba hlaha ba na le ditokelo tsena mme ka hoo di hlaloswa e le karolo ya botho, di akaretsa, di sa arolwe ebile e le ditokelo tse ke keng tsa tloswa ho motho.
MOLAO WA MOTHEO KE ENG?
Melao kapa melawana e bopilweng ho laola boitshwaro ba mokgatlo ofe kapa ofe, naha sehlopha sa batho, sekolo kapa kereke. Molao wa motheo o fana ka tataiso dithong tsa mokgatlo mabapi le sebopeho, boitshwaro le boikarabelo. O na le dikgaolo le ditemana kapa dikarolo jwalo ka mohlala, Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o na le dikgaolo tse leshome le metso e mene, dikarolo tse makgolo amabedi le mashome a mane a metso e meraro, meralo (schedules) e supileng le dikgokelo tse nne. Karolong e nngwe le e nngwe o totobatsa dipallo tsa Molao ka sebopeho sa dikarolwana. Karolo e bebofaditsweng ya ka moo melawana e etsang ka teng le dikgaolo tse fapafapaneng tsa Molao wa 108 wa 1996 wa Molao wa Motheo wa Afrika Borwa.
Ho etsa hore o tsote bohlokwa ba Molao wa Motheo o teng hona jwale ho fanwa ka nalane e kgutshwanyane ya boitshetleho ba Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, ho tjhorisa ka moo Motho o mong le o mong wa Motheo o ikgethang ka teng. Mohlala.
? Molao wa Molao wa Motheo wa Yunione ya Afrika Borwa o tsejwa e le Molao wa Motheo wa pele o supang boikemelo ba ho se itshetlehe molaong wa Brithane mme le baahi kaofela ba ile ba ananelwa. Provense e nngwe le e nngwe e ne e na le palamente ya yona, mohlala, Cape of Good Hope, Ortange Free State, Natal le Transvaal.
? Molao wa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa o supa kopano ya diprovense tse nne ho bopa Rephaboliki empa ho ne ho na le matshwao a tlhokeho ya boemedi ba merabe e meng palamenteng.
- Molao wa Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o supa ho tshelela boemeding jwalo ka ha bo tsejwa ke palamente e koto di tharo (Tricameral Parliament), moo ho nang le Makgowa, Makhalate le Ma-India palamenteng mme Batho ba Batsho ba fuwa dibaka tsa mahae tse neng di tsejwa ka hore ke mebuso ya TBVC (Transkei, Bophuthatswana, Venda le Ciskei)
? Molao wa 200 wa Molao wa Motheo wa Nakwana o neng o etsa monyetla wa Bili ya Ditokelo ya pele ho la Afrika Borwa ka tsela e jwalo o neng o amohela le ho tshireletsa baahi bohle ba Afrika Borwa.
- Molao wa Molao wa Motheo wa Afrika Borwa. Mona ho ile ha ntshetswa pele Molao wa Motheo wa Nakwana o ka hodimo o ileng wa tlisa diphetoho tse teng hona jwale nalaneng ya Afrika Borwa kapa kananelong le tshireletsong ya ditokelo tsa batho ho latela makgabane a tekano, seriti le bokolokohi tse tswang Biling ya Ditokelo tse fuperweng ke Kgaolo ya 2 ya Molao o teng hona jwale wa Molao wa Motheo.
DEMOKERASI KE ENG?
Ke mmuso wa batho ka batho molemong wa batho.
Lentswe lena la demokerasi le tswa puong ya Sekgirike mme lentswe demos le bolela batho ha kraits e bolela puso.
Ka hoo ke mmuso o tswang taolong ya batho. Afrika Borwa makgabane a mararo a demokerasi ke: tekano, seriti sa botho le tokoloho ke ona mokokotlo wa demokerasi ke ka hoo Molao wa Motheo wa Afrika Borwa o nkwang o ikgetha haholo lefatsheng ka bophara. Metheo ya demokerasi, eo mehoo ya yona e ileng ya utlwahala Molaong wa Motheo wa Nakwana ke yona e nang le boikarabelo diphapanong tse dipakeng tsa molao wa motheo wa pejanma le o teng hona jwale. Ke tsena:
Ho nkellwa ka sehloohong ha Molao wa Motheo
Bili ya Ditokelo
Karohano ya matla
Molao wa Toka o ikemetseng
Dikgetho tse lokolohileng, tse hlokang leeme le tse tshwarwang kgafetsa
Boikarabelo
Tekano
Mokgwa ya mekga e mengata
Mamellano ya dipolotiking le
METHEO YA DEMOKERASI
Metheo ya demokerasi kapa makgabane ke mehopolo eo batho ba bangata ba nkang e le ya bohlokwa bakeng sa demokerasi. E boetse e bitswa ?masupatsela? a demokerasi hobane ha re a bona, ke matshwao a bontshang hore naha e motjheng wa tsela ya demokerasi. Metheo ena kapa masupatsela ana ka dinako tse ding e fetoha karolo ya Molao wa Motheo kapa ya Bili ya Ditokelo naheng ya demokerasi. Demokerasi tse ngata di tshehetsa metheo ya mantlha e tshwanang le yona eo.
Ke ?masupatsela? afe ao re lokelang ho a bona ka Afrika Borwa e motjheng wa tsela ya demokerasi?
Baahi kaofela ba na le bokgoni ebile ba na le tokelo le boikarabelo ba ho kenya letsoho mmusong le setjhabeng sa baahi. Lena ke le leng la masupatsela a bohlokwa haholo a demokerasi. Ho kenya letsoho ha baahi ho kenyeletsa taba ya ho kenela dikgetho, ho vouta dikgethong, ho fumana tsebo, ho pheha kgang ka dintlha, ho leba dipitsong tsa setjhaba kapa tsa baahi, ho kena mekgatlong eo e seng ya mmuso kapa mekgatlong e meng ya batho bao o ahisaneng le bona, ho lefa makgetho, ho ipelaetsa, ho botsha ho se kgotsofale ka mangolo a boipelaetso, jwalo jwalo. Ho kenya letsoho ho bolela hore batho ba ameha ditabeng tsa batho ba habo bona le ho tsamaisa ditjhaba tsa bona.
Melemo ya seabo sa baahi ke:
Ho netefatsa hore baetapele ha ba sebedise matla a bona ka tsela e fosahetseng
Ho etsa hore mmuso o dule o tseba ho feta ka ditabatabelo tsa setjhaba
Ho etsa hore baahi ba amehe pusong ya naha le
Ho etsa hore mmuso o etse diqeto tse bontshang kutlwisiso e ntle.
TEKANO
Demokerasi e bolela hore batho bohle ba a lekana. Tekano e bolela hore batho bohle ba tshwarwe ka tsela e lekanang le hore ba fuwa menyetla e lekanang. Ho ke ke ha ba le kgethollo ya batho ka lebaka la morabe wa bona, tumelo, bong, tshekamelo ya bong jwalo jwalo. Demokerasing batho ba na le tokelo ya ho boloka le ho sebedisa botjhaba ba bona, dipuo le ditumelo tsa bona.
MAMELLANO DIPOLOTIKING
Ditjhaba tsa demokerasi di sebedisa mamellano dipolotiking. Hona ho bolela hore ha batho ba bangata ba busa demokerasing, ditokelo tsa batho ba palo e nyenyane le tsona di a sireletswa. Motho e mong le e mong o lokela ho dumellwa ho ba le maikutlo le ho hlahisa maikutlo le ho hlophisa mokga wa hae wa dipolotiki kapa dihlopha. Setjhaba sa Afrika Borwa se na le batho ba tswang botjhabeng bo fapafapaneng, morabe, tumelo le dihlopheng tsa batho ba morabe ba nang le tjhadimo tse fapaneng. Setjhaba sa demokerasi se dumella diphapano tsena hore di hlahiswe. Batho ba lokela ho hlompha tokelo ya batho ba bang ya ho ba le maikutlo ao e leng a bona. Ho pheha kgang le ho tshohla dintlha ke karolo ya bohlokwa ya demokerasi.
BOIKARABELO
Pusong ya demokerasi, bahlanka ba kgethilweng ke batho ba lokela ho ikarabella ho batho. Hona ho bolela hore ba lokela ho jara boikarabelo ba diketso tsa bona. Bahlanka ba lokela ho etsa diqeto le ho phetha mesebetsi ya bona ho latela thato le tabatabelo tsa batho, e seng tsa bona.
PONALETSO
Mmuso le bahlanka ba ona ba lokela ho etsa mesebetsi ya bona phatlatsa ka mokgwa o bonaletsang. Mmuso o bonaletsang o tshwara dikopano tsa setjhaba mme o dumella baahi ho ba teng. Ba dumella boraditaba le batho ho fumana lesedi ka diqeto ha bonolo ntle le ho pata hore ke mang ya entseng qeto le hore ke hobaneng.
DIKGETHO TSE TSHWARWANG KGAFETSA, TSE LOKOLOHILENG LE TSE HLOKANG LEEME
Le leng la masupatsela a bohlokwa haholo a demokerasi ke dikgetho tse tshwarwang kgafetsa, tse lokolohileng le tse hlokang leeme. Ke mona moo baahi ba kgonang ho kgetha batho bao ba batlang ho ba kgetha hore ba buse. Dikgetho di lokela hore di etsahale ka tsela e lokolohileng le e hlokang leeme, ntle le ditshoso, bobodu le ditshoso ho baahi nakong ya dikgetho kapa pele ho dikgetho.
BILI YA DITOKELO
Dinaha tse ngata tsa puso ya demokerasi di na le Bili ya Ditokelo ho sireletsa batho tshebedisong e fosahetseng ya matla. Bili ya Ditokelo ke lenane la ditokelo le bolokolohi tse tiisetswang batho bohle ba naha eo. Ha Bili ya ditokelo e fetoha karolo ya Molao wa Motheo wa naha, makgotla a dinyewe a fumana matla a ho qobella ditokelo tsena. Bili ya Ditokelo e ngotla matla a mmuso mme e ka nna ya tlamella boikarabelo bathong le mekgatlong.
KAROHANYO YA MATLA
Demokerasing ho tlamehile hore ho be le mekgwa ya ho thibela mohlanka ya kgethilweng kapa sehlopha sa batho ho sebedisa ka tsela e fosahetseng kapa ho sebedisa tjhelete ya mmuso kapa matla ka mokgwa o sa lokelang. Mokgwa o mong wa e tlwaelehileng wa tshebediso e fosahetseng ya matla ke bobodu. Bobodu bo etsahala ha bahlanka ba mmuso ba sebedisetsa matlole a setjhaba melemo eo e leng ya bona kapa ba sebedisa matla a bona ka tsela eo e seng ya molao.
Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho sireletsa batho tlhekefetsong. Mmuso ho la Afrika Borwa o arotswe makala a mararo: lekgotla le etsang melao, lekgotla la phethahatso le lekala la molao (makgotla a dinyewe). Sebopeho sena se ngotla matla a bahlanka ba mmuso makaleng ana a mararo. Makgotla a dinyewe a ikemetse.
MOKGWA WA MEKGA E MENGATA
Moo o nang le puso ya demokerasi ho tshwanetse hore ho be le mekga ya dipolotiki e fetang bonngwe e kenelang dikgetho mme e lokela ho ba le seabo mmusong. Mokgwa wa mekga e mengata o etsa monyetla wa hore mokga kapa mekga e sa tswellang dikgethong e kgone ho fetoha bohanyetsi ba mokga o hapileng dikgetho. Ntho ena e thusa mmuso ho bona mahlakore a fapaneng a ditaba. Mekga e mengata e boetse e fa bakgethi monyetla wa ho kgetha bonkgetheng, mekga le maano dikgethong. Ka tlwaelo ha naha e na le mokga o le mong feela, sena se atisa ho lebisa bompoding.
PUSO YA MOLAO
Ha ho mang kapa mang ya ka hodimo ho molao pusong ya demokerasi, ekasitana le ha e le morena kapa Mopresidente ya kgethilweng. Sena se bitswa puso ya molao. Sena se bolela hore bohle ba lokela ho ikobela molao mme ba hara boikarabelo haeba ba roba tlotse molao. Demokerasi e bolela hore molao o lokela ho phethiswa ka tekano, ntle le leeme le ka tsela e tshwanang.
DITOKELO TSE IKGETHANG
Le hoja ditokelo tsohle tse leng Biling e le tsa bohlokwa, ho entswe mekutu ya ho toboketsa ditokelong tse amang bophelo ba batho ho feta kapa ya ho phahamisa makgabane a mararo a demokerasi a Molao wa Motheo eleng; tekano, tokoloho le seriti sa botho.
Ditokelo tse ikgethang ke tsena:
Tekano
Ditokelo tsa phedisano le moruo, ha mmoho
Le ditokelo tsa botjhaba.
TEKANO
Jwalo ka ha ho ile ha hlaloswa pejana, tekano ke mohopolo wa boitshwaro hore batho ba dulang moo ho tshwanang ka ditsela tse tshwanetseng ba fumane tshwaro e lekanang. Karolo ya 9 ya Molao wa 108 wa 1996 wa Molao wa Motheo e totobaditse hore:
Batho bohle ba a lekana ka pele ho molao mme ba na le tokelo e lekanang ya tshireletso le molemo wa molao.
Tekano e kenyeletsa monate o phethahetseng le o lekanang wa ditokelo tsohle le bolokolohi. Ho ntshetsa pele taba ya ho fihlella tekano, ho ka nna ha nkuwa mehato ya molao kapa mehato e meng e etseditsweng ho sireletsa le ho ntsheta pele batho kapa dihlopha tsa batho, tse ileng tsa behwa ka mosing ka lebaka la kgethollo e nang le leeme.
Mmuso o ke ke wa kgetholla ka tshebediso ya leeme le ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang motho ofe kapa ofe ka lebaka kapa ka mabaka a kenyeletsang botjhaba, bong, hore motho ke mosadi kapa ke monna, boimana, boemo ba lenyalo, setso sa bomorabe kapa sa phedisano, mmala, tshekamelo tsa bong, dilemo, kgolofalo, letswalo, tumelo, setho, puo le tswalo.
Ha ho motho ya ka kgethollang ka leeme ka mokgwa o otlolohileng kapa o sa otlolohang motho ofe kapa ofe ka lebaka kapa ka mabaka a amanang le karolwana ya . Molao wa naha o lokela hore o etswe ho kgaotsa kapa ho thibela kgethello e nang le leeme.
Kgethollo ka lebaka kapa ka mabaka a hlahisitsweng karolwaneng ya e na le leeme ntle le ha ho tsepamisitswe hore ke kgethollo e hlokang leeme?.
Ho latela motheo ona wa pallo kapa Bili ya Ditokelo ka kakaretso pheko e tliswa tshwarong e hlokang tekano dipakeng tsa batho ba Afrika Borwa nakong ya mehla ya kgethollo ya ?apartheid?. Batho ba ne ba hanelwa ditokelo tsa botho haholo batho ba batsho. Mohlala, batho ba ne ba kgethollwa mosebetsing, lapeng le setjhabeng ka lebaka la botjhaba ba bona, bong, kgolofalo le dibaka tseo ba dulang ho tsona. Le ha karolo ya 9 e ka hodimo e entse monyetla wa hore ho se ke ha e ba le kgethollo, karolo e kgolo ya setjhaba se fapafapaneng e sa ntsane e hloka tekano, mohlala mona ke basadi, batho ba qhwadileng, batho ba nang le HIV le AIDS mme ho na le phapano dipakeng tsa boemo ba bophelo ba batho ba phelang dibakeng tsa mahae le dibakeng tsa metse ya ditropo. Ho fanwe ka mehlala e seng mekaenyana mona ho bontsha tlhokeho ya tekano le ka moo Lekgotla la Molao wa Motheo le ileng la sebetsana le dinyewe tsa mofuta o jwalo.
DITOKELO TSA PHEDISANO LE MORUO
Kgaolo ya Matjhaba a Kopaneng e ile ya amohela ditokelo tsa phedisano le moruo ha mmoho le ditokelo tsa botjhaba e le ditokelo tsa moloko wa bobedi ka 1945. Ho na le lethathama le batsi la ditokelo tsa phedisano le moruo tseo e leng karolo ya ditokelo tsa batho tsa mantlha tsa bophelo tse jwalo ka:
Bodulo
Dijo
Naha
Metsi
Thuto
Bophelo bo botle
Mosebetsi ke
Tshireletso ya setjhaba.
Molao wa rona wa Motheo o kenyeleditse le:
Ditokelo tsa tikoloho e bontshang bophelo bo botle
Ditokelo tsa batshwaruwa tsa ho fumana bodulo bo lekaneng, phepo, thepa e balwang le kalafo ya tsa bongaka.
Qetellong, ditokelo tsa botho di amana haholo hobane ho ile ha hlaka hore motho a ke ke a ba le tokelo ya ho vouta empa a hloka moo a dulang teng. Ke ka hoo ha ho ne ho mametswe maikutlo ho ?Speak Out on Poverty? ka selemo sa 1999, batho ba ileng ba fana ka maikutlo a bona mabapi le bofutsana. Sena se ile sa fana ka phepetso mmusong hore o ntshetse pele ditokelo tsa phedisano le moruo. Ka ka lebaka lena, ditokelo tsa phedisano le moruo di amanang le ho thusa batho ka ditlhoko tsa mantlha tsa boiphediso, mme ka hoo boikemisetso ba pele ba lenaneo lena selemong sa 1998 ebileng ho tlisa phapano dipakeng tsa tlhoko le seo motho a se labalabelang.
Sepheo ka sehlooho sena e ne e le ho matlafatsa batho hore ba kgone ho eteletsa pele dilthoko tsa bona ha ho hlokeha hore ba etse jwalo nakong ya ha ho fanwa ka tshebeletso tsa phedisano le moruo. Ka ho kenyeletsa ditokelo tsena Molaong wa Motheo, mmuso o bontshitse boitlamo ba ho fedisa bofuma le tlhokeho ya tekano maemong a phedisano a Afrika Borwa. Ho boetse ho bontshitswe boitlamo bo bong bo fetang mona ka ho tjhaella monwana Seboka sa Ditokelo tsa Moruo, Phedisano le Botjhaba se neng se tshwerwe ka selemo sa 1998.
DITOKELO TSA BOTJHABA
PUO LE BOSETJHABA
Karolo ya 30 ya Molao wa 108 wa 1996 wa Molao wa Motheo e etsa monyetla wa hore:
Motho e mong le e mong a be le tokelo ya ho sebedisa puo le ho kenela bophelo ba botjhaba ba kgetho ya hae empa ha ho motho ya ka phethahatsang ditokelo tsena ka mokgwa o sa kgemeng le dipallo dife kapa dife tsa Bili ya Ditokelo?
Karolo ya 31 ya Molao wa 108 wa 1996 wa Molao wa Motheo e etsa monyetla wa hore:
Batho bao e leng ditho tsa mokgatlo wa botjhaba, wa bodumedi kapa wa puo e itseng ba se ke ba hanelwa tokelo , ha mmoho le ditho tse ding tsa setjhaba ? ya ho utlwa monate wa botjhaba ba bona, ho sebedisa tumelo ya bona le ho sebedisa puo ya bona, le ho bopa, ho kenela le ho hlokomela mekgatlo ya botjhaba, bodumedi le ya puo le makala a mang a baahi. Ditokelo karolwaneng ya ha di a lokela hore di phethiswe ka mokgwa o sa kgemeng le dipallo dife kapa dife tsa Bili ya Ditokelo?.
Dikarolo tsena ka bobedi di hlakile empa di lokela ho tsamaelana le dipallo tsa Bili ya Ditokelo ka mantswe a mang di ke ke tsa sebediswa ka ho phethahala empa di na le moo di sehetsweng moedi teng. Ntlheng ya bobedi di radilwe ho sireletsa batho bao e leng ditho tsa botjhaba kapa ba sehlopha sa puo kapa sa batho.
Mmuso le batho ba ona o lokela ho hlokomela hore o se ke wa kgathatsana kapa hona ho tlola tokelo ya phethahatso ya botjhaba ya ditjhaba tsena. Ntle le taba ya kananelo ya botjhaba ho latela athekele ya 27 ya Phatlalatso ya Kakaretso ya Ditokelo tsa Botho selemong sa 1948, Selekane sa Matjhaba sa ditokelo tsa Moruo, Phedisano le tsa Botjhaba sa 1996. Bobedi disebediswa tsena tsa matjhaba di ile tsa tjhaellwa monwana ke Afrika Borwa, mme di kgona ho ka sebediswa le ho qobellwa. Afrika Borwa ka phapano e kgolo ya botjhaba ba yona e lokela ho bona hore botjhaba bona bo hlokomelwa ka molao ke ka hoo ho nang le dikarolo tsena tse ka hodimo. Ditlwaelo ta phethahatso ya botjhaba ha di a lokela ho hohlana le tokelo dife kapa dife tse fumanehang Biling ya Ditokelo, mme moo ho nang le kgohlano e jwalo ditlwaelo tsena tsa botjhaba di lokela ho etswa hore di nyalane le ho kgema le Bili ya Ditokelo. Mohlala, botjhaba ba nakong e fetileng bo amanang le mafa ho latela molao wa setso bo lokela ho lokiswa ho latela kananelo ya Molao wa 120 wa 1988 wa Kananelo ya Manyalo a Setso o teng hona jwale. Mohlala, molao wa setso wa Ma-Afrika o mabapi le mafa o ne o etsa hore e be bana ba batona feela ba fumanang mafa a motho ya hlokahetseng mme kabo ena ya mafa ke moo ngwana e moholo e leng yena ya fuwang lefa. Mohlolohadi le bana ba ne ba lokela hore ba hlokomelwe ke ngwana e motona ya hapileng thepa kapa ba ne ba siuwa ba hloka tlhokomelo. Mona tlwaelo ya botjhaba e ne e hohlana ka mokgwa o hlakileng le ditokelo tsa mantlha tsa botho ke ka hoo ho nang le molao wa setho o teng hona jwale o tshehetsang tshireletso e lekanang ho latela molao.
Ditokelo tsa botjhaba jwalo ka ditokelo kaofela tsa botho di na le boikarabelo bo tsamayang le tsona, mohlala mona ke:
Batho ba lokela hore ba hlomphe ditlwaelo tsa batho ba habo bona le setho sa bona, ho qoba kgohlano.
Mmuso o lokela ho dumella batho ho ntshetsa pele setho sa botjhaba ba bona ntle le moo ditlwaelo tsena tsa setho di sa kgemeng le Molao wa Motheo.
DITOKELO LE BOIKARABELO
Ke ntlha ya bohlokwa haholo hore tshebetsong ena ya ho kenya letsoho mona hore batho ba hlomphe ditokelo tsa ba bang. Sena se bolela ho hlompha ditokelo tsa bona tsa ho ba le maikutlo, ho tswa letsholo la boiketo ba mekga eo e leng ya bona ya dipolotiki, ho fumana tshehetso ditabeng tsa bona (le ha sena se hohlana le ntlha eo e leng ya hao), hore batho ba voutele motho wa kgetho ya bona jwalo jwalo.
Sepheo sa lenaneo lena ke ho hlakisa boikarabelo kapa mesebetsi e tsamaelanang le tokelo e nngwe le e nngwe e fuperweng ke Molao wa Motheo. Ka hoo e leng taba ya bohlokwa hore moahi e mong le e mong wa Afrika Borwa a amohele boikarabelo ka matla ba ho netefatsa hore moahi e mong le e mong o utlwa monate wa makgabane a mararo ana a demokerasi a kang tolokoho, tekano le ho ba le seriti.
Ho nehelanwe ka tataiso ya mmuso le baahi ba ona hobane ditokelo tsa mmuso le baahi di sebetsa ka mokgwa o lekanang ka hohle.
Tokelo ya ho lekana ka pele ho molao
Boikarabelo ba ka : ho hlompha batho ba bang le ha ba fapane le rona le ho amohela hore ba lekana le rona.
Boikarabelo ba Mmuso: ho etsa molao o sebetsang ka ho tshwana ho batho bohle ho sa natswe botjhaba, mmala, bong e tse ding tse jwalo.
Ditokelo tse sa dumellaneng le kgethollo ya mofuta ofe kapa ofe
Boikarabelo ba ka: ho se buwe ka tsela e kgethollang le batho ba bang hobane o nahana hore ba boemong bo tlase ho ba hao ka lebaka la botjhaba ba bona, lebala, bong le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho etsa melao e sa kgetholleng batho ho latela botjhaba, lebala, bong, ditshekamelo tsa bong, le tse ding jwalo jwalo.
Tokelo ya ho phela
Boikarabelo ba ka: ho se utlwise motho e mong bohloko ka ho mo etsetsa ditshoso tsa bophelo ba hae.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fetisa melao e tshireletsang bophelo ba batho.
Tokelo ya bolokolohi le tshireletso ya motho
Boikarabelo ba ka: ho se hlekefetse molekane wa ka kapa bana lapeng la ka.
Boikarabelo ba Mmuso: ho thibela tshebediso ya ditshotlo ho fumana lesedi bathong
Phediso ya bokgoba kapa ho sebediswa ka mahahapa
Boikarabelo ba ka: ho se dumelle bana ba ka ho sebetsa ba sa le banyenyane.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fetisa molao o tsepamisang moedi wa moputso le wa dilemo tsa batho ba sebetsang.
Tokelo ya sephiri
Boikarabelo ba ka : ho kokota monyako wa motho e mong pele o kena.
Boikarabelo ba Mmuso: ho boloka lesedi la batho le amanang le bona e le sephiri, mohlala, mosadi ya batlang ho ntsha mpa o lokela ho tseba hore lesedi lena le tla bolokwa e le sephiri.
Bolokolohi ba bodumedi, tumelo le maikutlo
Boikarabelo ba ka: ho se itshunyatshunye kapa ho thibela motho ho rapela ka moo a kgahlwang ka teng, ho mamela batho ba bang le ho amohela tokelo ya bona ya ho hlahisa maikutlo a fapaneng le ao nna ke nang le ona.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella batho ho fumana matsatsi a phomolo a tsamaelanang le bodumedi ba bona.
Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo
Boikarabelo ba ka : ho sejale lehloyo dipakeng tsa batho ba botjhaba bo fapaneng, bodumelo kapa mekga ya dipolotiki le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho se thibele phatlalatso ya ditaba haeba mmuso o sa ratte ha boraditaba ba o tshwaya diphoso.
Bolokolohi ba ho kopana, ho etsa dipepeso, mekoloko ya boipelaetso le ho ngola mangolo a ditletlebo.
Boikarabelo ba ka: ho se tsamaye ka sethunya kapa sebetsa se kotsi mokolokong wa boipelaetso kapa pepesong ya boipelaetso.
Boikarabelo ba Mmuso: ho etsa hore batho ba bolekehe le ho sireletseha ba batlang ho etsa pepeso ya boipelaetso, mohlala ka ho laola sephethephethe, ka ho nka dithunya le dibetsa.
Boikarabelo ba ka: ho se hanele batho ho kena mokgatlong wa ka ka mabaka a kgethollo, mohlala, ho hanela batho ba Matjhaena ho kenela mokgatlo wa ka.
Boikarabelo ba Mmuso: ho se itshunyatshunye maanong a mekga ya dipolotiki, a mekgatlo ya basebetsi, jwalo jwalo.
Tokelo ya ho etsa kgetho e lokolohileng ya dipolotiki
Boikarabelo ba ka: ho se tshose batho ba kenetseng mokgatlo wa dipolotiki o fapaneng le wa hao.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella mekga kaofela ya dipolotiki ho sebetsa ka bolokolohi, ho dumella mekga yohle ya dipolotiki nako e lekanang ya ho hlahela thelevisheneng
Tokelo ya ditheko tse lokolohileng le tse hlokang leeme
Boikarabelo ba ka: ho se tseke le ho tshosa batho ho voutela mokga wa ka wa dipolotiki.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka tshireletso e phethahetseng ya batho diteisheneng tsa dibaka tsa dikgetho. Ho fana ka ditlhapiso tse lekanang tsa matsholo a boiketo ba dikgetho mekgeng kaofela ya dipolotiki, ho fana ka thuso ya dipalangwang ho batho ba tswang dibakeng tse kantle ho diteishene tsa dikgetho.
Tokelo ya ho emela dikgetho
Boikarabelo ba ka: ho dumella batho ho beha matshwao a papatso le diphoustara toropong kapa sebakeng se itseng ntle le ho tlosa dipapatso tsena.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella motho e mong le e mong monyetla wa mokga wa hae wa dipolotiki, le ho dumella mekga kaofela ya dipolotiki nako e lekanang ya ho hlahella thelevisheneng.
Tokelo ya boahi ba Afrika Borwa
Boikarabelo ba ka: ho amohela hore bohle re a lekana jwalo ka baahi ba
Afrika Borwa.
Boikarabelo ba Mmuso: ho etsa melao e boima ka taba ya ho dumella batho ba tswang dinaheng tse ding le ba ditjhaba tse ding ho kena
Afrika Borwa.
Bolokolohi ba motsamao le bodulo
Boikarabelo ba ka: ho amohela motho e mong le e mong ya tlang a tlo dula haufi le nna.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka mangolo a boeti le tokomane tsa boitsebiso ho baahi bohle ba etsang kopo.
Bolokolohi ba bohwebi, mosebetsi le profeshene
Boikarabelo ba ka: ho amohela boikgethelo ba batho ba ka moo ba batlang ho fumana mekgwa ya boiphediso ka teng.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella barekisi le barekisi ba ditselaneng ho hweba empa ho etsa melao e laolang dibaka tsa moo ba ka rekisang teng.
Tokelo ya ditlwaelo tse hlokang leeme tsa mosebetsi
Boikarabelo ba ka: ho fana ka tshwaro e hlokang leeme bathong ba ntshebeletsang, ho ba fa monyetla o hlokang leeme wa boikarabelo, ho ba fa temoso pele ba nyaolwa mosebetsing, le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho bebofaletsa mosebetsi ho kgona hore a ritele nyewe kgahlano le beng ba mosebetsi haeba ba dumela hore ha ba fuwa tshwaro e hlokang leeme kapa ba lelekuwe ka tsela e nang le leeme
Tokelo ya ho bopa kapa ho kenela mekgatlo ya basebetsi
Boikarabelo ba ka: ho dumella batho ba bang ba moo ke sebetsang teng ho kenela mokgatlo ofe kapa ofe wa basebetsi ao ba ratang ho kena ho ona ntle le ditshoso.
Boikarabelo ba Mmuso: ho dumella mekgatlo ya basebetsi kaofela ho ingodisa.
Boikarabelo ba ka: haeba ke le seteraekeng ho dumella batho ba bang ba moo ke sebetsang teng ho tswela pele ho sebetsa ha ba kgethile jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho sireletsa basebetsi ba kenetseng seteraeke ekasitana le ha mapolesa a ka lokela ho etsa mosebetsi o jwalo.
Ditokelo tsa thepa (hore o se ke wa falatswa thepa ya hao ntle le ha ketso eo ele molemong wa setjhaba)
Boikarabelo ba ka: hore o se ipeha tulong ya motho e mong.
Boikarabelo ba Mmuso: ho ananela ditokelo tsa batho tsa ho buseletswa naha ya bona haeba ba ile ba suthiswa ho yona ka sheshe, ho fana ka ditlhapiso bathong bana haeba ba ne ba ile ba nkelwa naha.
Tokelo ya ho fumana ntlo
Boikarabelo ba ka: haeba ke etsa kopo ya kadimo ya tjhelete ya ntle ke lokela ho lefa molato ona kgwedi le kgwedi.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka thuso ya mantlha le naha bathong ba batlang ho ikahela matlo a bona;
Ho sebetsa le kgwebo tsa praevete tse jwalo ka dibanka, ho etsa hore batho ba bangata ba kgone ho fumana matlo, ho batalatsa ditshitiso tse etsang hore batho ba sitwe ho fumana tjhelete ya kadimo ya ho reka kapa ho haha matlo.
Tokelo ya thuto
Boikarabelo ba ka: ho romela bana ba ka kaofela sekolong.
Boikarabelo ba Mmuso: ho haha dikolo tse lekaneng le ho fana ka matitjhere a lekaneng hore bohle ba kgone ho kena sekolo.
Ditokelo tsa bana
Boikarabelo ba ka: ho fepa bana ba ka, le ho se ba hlekefetse sephiring sa lelapa la ka kapa pepeneneng. Ho etsetsa bana ba ka seitshireletso se molemo ho feta seo nka kgonang ho sireletsa bana ba ka ka sona.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka merero ya phepo le ho theha mahae a bana ba itlhophereng, le ho fuputsa diketsahalo tsa tlhekefetso ya bana.
Tokelo ya fumana tlhokomelo ya bophelo bo botle, dijo, metsi le tshireletso ya setjhaba
Boikarabelo ba ka: ho hlokomela dipompo tsa metsi tsa setjhaba le ho di boloka di sebetsa hantle, ho se silafatse metsi a dinoka tseo batho ba nwang metsi a tsona, ho se nwe, ho se tsube kapa ho sebedisa dithethefatsi ho sireletsa bophelo ba ka bo botle, ho lahlela matlakala a tswang lapeng sebakeng se lokeng se hole le batho, ho lefella makgetho le ditefello tsa ditshebeletso tsa Makgotla a
Masepala.
Boikarabelo ba Mmuso: ho nehelana ka dintho tse thotang matlakala le ho hleka matlakala a bakang mahloko, ho nehelana ka metsi a hlwekileng ho baahi bohle, ho se leleke bakudi dipetlele ha ba hloka phekolo.
Bolokolohi ba puo le botjhaba
Boikarabelo ba ka: ho hlompha botjhaba ba batho ba bang le ho se itshunyatshuye tseleng eo batho ba bang ba etsang dintho tsa bona ka teng.
Boikarabelo ba Mmuso: ho ananela hore dipuo tsohle ke tsa bohlokwa, ho etsa mananeo a thelevishene ka dipuo tsa batho kaofela ba
Afrika Borwa.
Tokelo ya ho finyella lesedi
Boikarabelo ba ka: ho botsa bahlanka ba mmuso haeba ba etsa qeto tseo o sa di utlwisiseng.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana ka mabaka a diqeto tse etswwang, ho bebofaletsa batho ho fumana lesedi ho bahlanka ba mmuso.
Tokelo ya tsamaiso e ntle
Boikarabelo ba ka: ho tlaleha bahlanka ba mmuso bao o nahanang hore ba sebedisitse matla a bona ka tsela e fosahetseng ho
Mosireletsi wa Setjhaba.
Boikarabelo ba Mmuso: ho nka mehato e lwantshang bobodu ba bahlanka ba mmuso le ho se sireletse bahlanka ba ileng ba sebedisa matla a bona ka tsela e fosahetseng.
Tokelo ya ho finyella makgotleng a dinyewe
Boikarabelo ba ka: ho sebedisa makgotla a dinyewe ho rarolla qabang, e seng ho inkela malao matsohong.
Boikarabelo ba Mmuso: ho fana maqwetha ntle le tefello ho thusa batho ho itshireletsa makgotleng a dinyewe.
Ditokelo tsa batho ba tshwerweng, ba kwaletsweng le ba qoswang
Boikarabelo ba ka: ho amohela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya qoso e hlokang leeme, ho fumana leqwetha le lefellwang ke mmuso, ho lokollwa hore o emele ditaba o le kantle, le tse ding tse jwalo.
Boikarabelo ba Mmuso: ho bolella batho hore ba na le tokelo ya ho fumana leqwetha ka tshenyehelo tsa mmuso, ho qoso motho e mong le e mong ka tsela e hlokang leeme, le tse ding tse jwalo.
Ho seha moedi ho tshwana le ho tlola molao. Molao o sehelang tokelo moedi o tlola molao wa tokelo eo. Le ha ho le jwalo, ho tlola molao ho ke ke ha hohlahlana le molao wa motheo ha o na le lebaka le amohelehang la molao la ho tlola molao wa tokelo setjhabeng se bulehileng le sa puso ya demokerasi ho latela makgabane a mararo (seriti sa botho, tekano le bolokolohi). Ka mantswe a mang, ha se ditlolo kaofela tsa ditokelo tsa mantlha tse sa kgemeng le molao wa motheo. Moo tlolo e ka kgonang ho tshehetswa ho latela ditlhoko tsa karolo ya 36 tlolo e jwalo e tla fumana matla a molao wa motheo.
Karolo ya 36 ya Molao wa 108 wa 1996 wa Molao wa Motheo e re:
Ditokelo Biling ya Ditokelo di ka sehelwa moedi feela ho laela molao wa tshebediso e akaretsang ho fihlela moo tshehelo ena ya moedi e utlwahalang ebile e tshehetswa ke setjhaba se bulehileng le sa demokerasi ho latela seriti sa botho, tekano le bolokolohi, ho nkeletswe hloohong le dintlha tsohle tse loketseng ho kenyeleditswe le:
a sebopeho sa tokelo eo b bohlokwa ba sepheo sa moedi o sehwang c sebopeho le bonamo ba tshehelo ya moedi d kamano dipakeng tsa tshehelo ya moedi le sepheo sa teng; mme e ho nyehlisa moedi ho bolela ho fihlella sepheo.
Ntle le moo ho entsweng monyetla o jwalo karolwaneng ya 1 kapa moo ho entsweng monyetla ofe kapa ofe o mong wa Molao wa Motheo, ha ho na molao o ka sehelang moedi tokelo efe kapa efe e hlahang Biling ya Ditokelo.
Pele ho puisano ya temana ya moedi o akaretsang (karolong ya 36) ke taba ya bohlokwa ho hlahisa hore meedi e tshwanang le eo e sebopehong sa meedi le ditemana tsa tshehelo ya moedi tse ikgethang. Mohlala, ditokelo tse ding di na le tlhaloso tse bontshang meedi e sehilweng karolong tse itseng tsa Bili ya Ditokelo. Mohlala, Molao wa Motheo o teng hona jwale o na le meedi e itseng e ikgethang karolong tse latelang:
Karolong ya 15 , ya 16 , ya 17, ya 22, ya 23 le ya , ya 29 , le ya 31 le ya 32.
Leha ho le jwalo moedi ona o lokela hore o kgethollwe ho kgaello kapa temana ya phanyeho ya moao, jwalo ka karolong ya 37 e sebetsang fela nakong ya tshohanyetso e dumellang hore ho fanyehwe ditokelo tse ding tsa kgaoloya 2 tlasa maemo a itseng.
Le ha ditokelo di sa sebediswe ka ho phthahala moedi ho latela karolo ya 36 o beha boikarabelo ho mmuso le setjhabaeng ho hlompha ditokelo tsa botho tsa batho, ka mantswe a mang temana ena ha e imele bohlokwa ba ditokelo tsa batho, ho latela mongodi e ong Ronald D?workin athekeleng ya hao ya ?Taking Rights Seriously , o bontsha hore ditokelo tsa botho di ka hodimo kapa di imela sepheo sa kakaretso. Ho sa natswe hore sepheo sa kakaretso ke sa bohlokwa ha kae, se ke ke sa qobellwa ka mokgwa o tla sitisa tokelo tsa botho tsa motho ya itseng. Le ha ho le jwalo, temana ya tshehelo ya moedi e re bolella hore Biling ya Ditokelo ya Afrika Borwa,ha ka tlwaelo ditokelo di tla ba ka hodimo ho sepheo sa kakaretso, ho na le dinakong tse ding moo ditokelo di loeklang ho siya sebaka sa dintlha tsa bohlokwa tsa setjhaba tse lokelang ho nkellwa hloohong.
Tlhaloso e kgutshwanyane ya se bolelwang ke tlhoko tse tsepamisitsweng ke karolo ya 36 bakeng sa ditokelo tse sehang moedi tsa batho.
a Molao wa Tshebediso ya Kakaretso
Mohlala, e tshwanetse hore e be molao oo mmuso o nang le matla a ona, puso ya molao. Ntlheng ya bobedi e lokela hore e be molao o hlwekileng, o fihlelehang le tjhorileng hantle oo ka ona batho ba amehang ba kgonang ho netefatsa bonamo ba ditokelo tsa bona le boitlamo mohlala, Molao wa 51 wa wa Mohato wa Tlolo ya Molao jwalo ka ha o fetotswe.
b Moedi o utlwahalang le o tshehetswang ke molao
Boemo bona bo hloka hore moedi o ngotle tokelo ya mantlha feela ka mabaka a amohelehang le a nkellang hloohong makgabane a demokerasi a seriti sa botho, tekano le bolokolohi. Hape e lokela hore e be moedi o kenellang ho fihlela sepheo se rerilweng. Mohlala, ho tshwara mmelaelwa ke ntho e reretsweng ho tiisa hore mmelaelwa o tla hlaha ka pele ho lekgotla. Moo ho nang le bopaki ba hore mmelaelwa o tla finyella kgotla ka letsatsi la hae, sepheo sa ho ngotla tokelo ya motho ya bolokolohi ba hae se tehelwa ka thoko. Ke ka hoo mmelaelwa a fuwang monyetla wa ho ba kantle ho tjhankane nakong ya dihora tse 48 ka morao hoba a tshwarwe. Lekgotla la Molao wa Motheo nyeweng wa S ya tholaneng le Makwanyane ka 1995 Sa 391 (CC) le dula e le ntlha e tlwaelehileng ya tataiso moo ho neng ho lekolwa taba ya matla a tshehelo ya moedi, ha le ne le hlalosa hore:
Ho sehwa ha moedi ha ditokelo tsa molao wa motheo ka sepheo se utlwahalang le se hlokehang setjhabeng sa puso ya demokerasi ho kenyeletsa ho lekanya makgabane a phehisanang, le tlhatlhobo qetellong e thehilweng papisong ya ditaba. Hona ho fuperw dipallong tsa s 33 . Lebaka la hobane ditokelo tse fapaneng di na le meelelo e fapaneng bakeng sa demokerasi, le ntlheng ya Molao wa Motheo wa rona., bakeng sa setjhaba se bulehileng le sa demokerasi ho latela bolokolohi le tekno, hona ho bolela hore ha ho na sekepele se tsepamisitsweng se ka hlongwang bakeng sa ho tsepamisa kutlwahalo le tlhokeho. Ho ka nna ha thehwa metheo, empa tshebediso ya metho eo maemong a ikgethang e ka etswa feela ka motheo wa nyewe e nngwe le e nngwe. Ena ke tlhoko ya papiso, e batlang hore ho bapiswe tabatabelo tse fapaneng. Tshebetsong ena ya tekanyo, maikutlo a lokelang a tla kenyeletsa sebopeho sa tokelo e sehetsweng moedi, le bohlokwa ba yona setjhabeng se bulehileng sa demokerasi ho latela bolokolohi le tekano, sepheo seo ka sona tokelo ena e sehetsweng moedi ka sona le bohlokwa ba sepheo setjhabeng se jwalo, bonamo ba moedi, matla a ona, le hore ke hokae moo moedi ona o hlokehang teng, hore na se labalabelwang se ka kgona ho fihlellwa ka mokgwa o utlwahalang ka mekgwa e meng e seng matla haholo tshenyong ya tokelo tseo ho buuwang ka tsona. Tshebetsong ena ho nkellwe hloohong pallo ya s 33 , le makgabane a amehang a Molao wa Motheo, ho ntse ho hopotswe hore, jwalo ka ha Moahlodi wa Canada a ile a bolela, ?seabo sa Lekgotla ha se ho phopholetsa hape bohlale ba kgetho tsa leano bo entsweng ke ba etsang melao?.
MEHLALA YA HO SEHELA DITOKELO MOEDI
Ena ke e meng ya mehlala a maemo a moo ditokelo di hohlanang mme tokelo e ngwe (kapa tsona di le pedi) di tla lokela hore di sehelwe moedi. Haeba mahlakore a mabedi a hohlanang a sa kgone ho rarolla bothata ba bona ke moo ba ka bo romelang makgotleng a dinyewe. Lekgotla la dinyewe le tla lokela ho etsa qeto ya hore ke toeklo ya mang eo e leng ya bohlokwa ho feta boemong bo bong le bo bong ba ditaba le hore naa ho a utlwahala le mabaka a teng a ho ngotla tokelo eo.
Ho ahlolelwa polao
Ho sehela tokelo ya motho moedi wa ho phela le tokelo ya seriti.
Ngwana o hanelwa ho kena sekolo se itseng ka lebaka la puo
Ho sehela tokelo ya ngwana moedi wa thuto ya mantlha papisong le tokelo ya thuto le botjhaba.
Ngwana ya shapuwang ke Ntate wa hae e le tsela ya ho mo kgalema
Tokelo ya ngwana ya ho sireletswa hore a seke a tshwarwa hampe le ho hlekefetswa papisong le tokelo ya motswadi ya ho kgalema bana ba hae lapeng la hae ntle le boitshunyatshunyo ba motho ofe kapa ofe.
Monna o hlokefetsa mosadi wa hae kapa mohlankana o hlekefetsa kgarebe ya hae
Tokelo ya mosadi ya ho tshwarwa ka mokgwa o lekanang le wa motho ofe kapa ofe le seriti sa hae, le tokelo ya bolokolohi le tshireletso ya motho (hore a seke a sebedisetswa dikgoka ka tsela efe kapa efe).
Monna o kapa sefate sa mofuta wa kwano hore a fumane patsi eo a tla e rekisa
Tokelo ya motho ya ho kgetha ka moo a lokelang ho iphedisa ka teng papisong le tokelo ya setjhaba ya ho ba le tikoloho e sireleditsweng e le hore batho kaofela ba kgone ho phela moo ka dinako tsohle.
Hlooho ya sekolo o thibela ngwana ho kena sekolong ka lebaka la moriri wa hae wa Ma-Rastafari
Tokelo ya ngwana ya ho se kgethollwe ka lebaka la tumelo le tokelo ya hae ya thuto papisong le tokelo ya botjhaba ba hae.
Moipelaetsi ya tshwereng sethunya ebile a ikgurumeditse sefahlehong ka ?mask?
Tokelo ya ho tshwara pontsho ya boipelaetso papisong le tokelo ya setjhaba ya ho phela tikolohong e bolokehileng.
Ho ntsha mpa
Tokelo ya basadi ya ho laola mmele ya bona le ho etsa qeto ka ditaba tsa bona tsa thari papisong le tokelo ya bophelo ba ngwana ya esong ho belehwe.
BOIKARABELO BO HOKELETSWENG TEMANENG YA HO NGOTLA DITOKELO
Motho o lokela ho tseba hore ?tokelo ya ho hao ya ho betsa setebele e fella moo nko ya motho e mong e qalang teng?. Ka hoo motho o lokela ho leka le ho bona haeba ho na le ditsela tse ding ntle le ho ngotla tokelo ya motho, tsa ho fihlela sepheo se tshwanang le sona seo.
Mmuso o lokela ho ntshetsa pele molao o sireletsang batho tlolong kapa ho ngotlweng ha ditokelo tsa bona le tlhaloso e nepahetseng ya karolo ya 36 ya Makgotla a dinyewe a Dikhomishene. Mohlala, karolo ya 39 e re: ?Ha lekgotla le hlalosa Bili ya Ditokelo, le lokela ho ntshetsa pele makgabane a tsheheditseng setjhaba se bulehileng le sa demokerasi ho latela motheo wa seriti sa botho, tekano le bolokolohi?, boemo bona bo dula bo ntse bo le jwalo le ka karolo ya 36.
DIHLOPHA TSA BATHO TSE TSIETSING YA MOFUTA ONA
Histori ya Afrika Borwa e botsha hore ho ne ho na le karolo tsa setjhaba tse neng di behilwe ka mosing ke puso ya nakong e fetileng. Mohlala Batho ba Batsho ba ne ba kgellwa tlase ho feta baahi ba bang kaofela ba Afrika Borwa. Le ha ho le jwalo, ho ne ho na le dihlopha tse ding tsa Afrika Borwa kaofela tse neng di neng di dula di le tlase ka palo. Dihlopha tse jwalo di tlokotsing ya ho fuwa tshwaro e nyedisehang ekasitana le nakong ena ya demokerasi. Ho a tsebahala hore batho ba batsho ke bona ba bangata ka palo. Le ha Afrika Borwa e saenne ebile e tiisitse dilekane empa dihlopha tse latelang di ntse di kgethollwa ho sa natswe dipallo tsa temana ya tekano (karolo ya 9), mohlala:
Bana
Batho ba holofetseng
Basadi
Basebetsi le
Bakgethi
Dihlopha tse ka hodimo di kenyeleditswe le ho etsetswa monyetla ka tsela e ikgethang ke karolo e ka hodimo ya Molao wa Motheo, le melao e fapafapaneng e ile ya etswa ho sireletsa dihlopha tsena tsa batho jwalo ka ha ho hlahisitswe Molaong wa Motheo wa hona jwale o hlokang hore ho etswe Molao o Tlwaelehileng o tla netefatsa hore tokelo e a tlama. Le ha molao o jwalo o le teng, boikamahanyo le molao o jwalo ho hang ha bo jese ditheohelang le letho feela, le ha ho na le dikotlo tse teng bakeng sa ho se kgeme le molao o jwalo. Tjhadimo ena e theotse tshepo eo setjhaba se neng se na le yona mokgweng wa tsamaiso ya Makgotla a molao ke ka hoo bongata ba batho bo seng bo inkela molao matsohong.
BANA
Karolo ya 28 ya Molao wa Motheo e ntse ditlhophiso tsa hore ?????.
Ho etswe maiteko a ho qobella le ho sireletsa ditokelo tsena ka Molao wa Motheo, Selekane sa Ditokelo tsa Bana sa 1990 seo Afrika Borwa e se saenetseng ka Pudungwana selemong sa 1993 mme sa lokiswa ka Phupjane 1995, le melao e fapaneng e amanang le tokelo tsa bana. Ho feta mona ho entswe merero le mananeo ho bontsha ka moo taba ya tlhekefetso ya bana e leng ya bohlokwa ka teng, empa boemo bo ntse bo fetella ho ya pele ha matsatsi a ntse a feta haholo tlhekefetso ya tsa thobalano le ho se tsotelle bana. Ho na le mekgatlo e lwantshang tlwaelo ena empa ho latela dipalopalo batlodi ba molao ba lokolohie hobane ha ho na bopaki bo phethahetseng. Boemo bona bo feteletswa maemo a phedisano le moruo moo bana ba thodiswang ka ho fuwa tjootjo. Le ha ho le jwalo mmuso o entse monyetla wa banamodi ho latela karolo ya 70A ya Molao wa 51 wa 1951 wa Molato wa Tlolo ya Molao ho ya ka moo o ileng wa fetolwa ka teng ho thusa dipaki tsa bana.
Lenaneng lena le ka hodimo ho hlakile hore ho ba tlokotsing ha sehlopha sena ho bakwa ke ho sebediswe ha menyetla eo ho fanweng ka yona ho tshiletsa ditokelo tsa bana. Ka hoo setjhaba se kgothaletswa ho dula se fadimehetse ditlolo tsa ditokelo tsa molao tsa bana ekasitana le ha ngwana a hlekefetswa ke motswadi kapa ba lelapa. Hore o tle o kgone ho tseba ditokelo tsa molao tsa bana, o kopuwa hore o fumane lesedi lena le hoketsweng la mathata ao bana ba thulanang le ona kgotla, le ho bala bukana ya Bili ya Ditokelo Kgaolong ya ditokelo tsa Bana.
Qetellong mmuso ka Molao wa Motheo o entse monyetla wa tshireletso ya ditokelo tsa bana ka disebediswa tse radilweng Molaong wa Motheo tse kenyeletsang Khomishene ya Batjhaba e thehilweng ho latela Molao wa 19 wa 1996 wa Khomishene ya Naha ya Batjha jwalo ka ha o fetotswe ka 200. Tokomane e nang le dintlha tse phethahetseng e a fumaneha mabapi le karolo ena ya Tshireletso ya Ditokelo tsa rona.
BASADI
Karolo ya 9 ya Molao wa Motheo e etsa monyetla hore ??. Ho latela histori basadi esale ba fuwe boemo bo tlase ka dinako tsohle ho la Afrika Borwa ho tloha mehleng ya kgale-kgale. Boemo bona ke bo akaretsang mme ha bo kgetholle dilemo, botjhaba kapa boemo setjhabeng. Le ha karolo ya 9 ya Molao wa Motheo e bontshintse ntle le tikatiko hore motho e mong le e mong o lekana le ba bang molaong le hore o na le tokelo ya tshireletso e lekanang le ho fola molemo molaong. Karolwaneng ya ho boletswe hore kgethollo e tobisitsweng ho motho ka lebaka la tshekamelo tsa bong e thibetswe, empa basadi ba dula e le diphofu tsa kgethollo e nang le leeme. Ho feta mona, jwalo ka ntlheng ya bana ho na le disebediswa tsa matjhaba, tsa lebatowa le tsa naha tse bontshang hore ditokelo tsa basadi di a ananelwa le hore di lokola ho sireletswa.
Ho latela Ngaka Danny Titus ?ditokelo tsa basadi di simolla ka lapeng?. Ha di a qatjwa Geneva or Banjul kapa Strasbong kapa Vienna kapa San Jose, moo mekgatlo ya matjhaba e kopanang le ho batla tshehetso le ho bokella disebediswa tsa matjhaba tsa ditokelo tsa batho. Se etsahalang dibakeng tseo se etsahala feela hobane batho le mekgatlo boemong ba selehae le ba naha ba kgona ho fumana mathata, ba ntshetse pele dintlha tse itseng, mme ba di phatlalatse setjhabeng le ho ba etsang maano Human Rights Quarterly 16 1994 559- 573.
Hobane basadi ba ne ba behilwe ka mosing nakong e fetileng ntlheng tse ngata tsa bophelo ba bona, motho a ka nna a bona e ka ba na le ditokelo tse ngata ho feta empa hape ba na le boikarabelo bo fetang moo. Mmuso o boetse o lebeletswe ho tlisa diphetoho molaong wa naha kapa o lokela ho etsa molao o motjha o tla phekola bothata bona.
MOTHO YA HOLOFETSENG
Lentswe lena ho holofala kapa ho qhwala le bolela ho lahlehelwa kapa ho ngotlwa ha menyetla e fumanehang bophelong ba setjhaba hore ba kgone ho lekana le batho ba bang. Le ha ho hlokeha tlhaloso ya molao ya lentswe lena kgolofalo, le kenyeletsa mefuta e fapafapaneng ya dikgaello bokgoning ba motho ya itseng ba ho sebetsa. Tokomaneng ya leano la Afrika Borwa lentswe lena le supa tshitiseho mmeleng, kelellong le dithong tsa kutlo. Tshitiseho tse jwalo e ka nna ya e ba tsa nakwana kapa tsa moshwella. Ka hoo batho ba ka nna ba e ba le dikgolofalo tsa mmele tse amang maoto kapa matsoho, kgolofalo dithong tsa kutlo e amanag ho mamela, ho bona le bokgoni ba kelello bo kenyeletsang mahlale a kelello le a kutlwisiso.
MOKGETHI
Karolo ya 19 ya Molao wa Motheo e entse monyetla wa hore ?moahi e mong le e mong o lokolohile ho ka etsa kgetho ya dipolotiki e kenyeletsang tokelo ya ho theha mokga wa dipolotiki, ho kenela mesebetsi ya yona, ho kena matsholong a ho batla tshehetso ya mokga wa dipolotiki?.
Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya dikgetho tse lokolohileng, tse hlokang leeme le tse tshwarwang kgafetsa bakeng sa moifo ofe kapa ofe wa molao o thehilweng ho latela Molao wa Motheo. Moahi e mong le e mong wa motho e moholo o na le tokelo ya ho voutela moifo wa molao o thehilweng ho latela Molao wa Motheo, le ho etsa kgetho ya hae ka lekunutu, le ho emela ofisi ya setjhaba mme haeba a ka kgethwa a kene ofising eo.
Ka hobane karolo ena e fana ka tokelo ho moahi e mong le e mong wa motho e moholo ya ho vouta dikgethong, ntho ena ke monyetla o moholo Afrika Borwa. Ditokelo tsa ho vouta e ne e le monyetla wa makgowa a palo e nyenyane ho fihlela ka 1983 ha ho etswa palamente e koto di tharo (tri-cameral parliament). Ke Makgowa, Makhalate le Ma-India ba neng ba fuwe monyetla wa ho vouta ho fihlela ha ho ba le dikgetho tsa pele tsa demokerasi ka 1993 moo baahi bohle ba Afrika Borwa ba ileng ba fumana bolokolohi ba ho vouta, ho emela dikgetho le ho theha mekga ya dipolotiki ya kgetho ya bona. Le ha ho le jwalo, pele ho dikgetho tsa 1999 ho ile ha ba le ditlolo tsa ditokelo tsa dikgetho tse lokolohileng. Mohlala, Tlalehong ya Selemo ya 1999, SAHRC e ile ya lokela ho fuputsa diketsahalo moo ditokelo tsa batho tsa dipolotiki di neng di hanetswe ke marena kapa borapolasi.
Karolong ya Ditokelo le Boikarabelo, ho na le dintho tse lokelang ho etswa le tse sa tshwanelang ho ka etswa ke batho le mmuso mabapi le tokelo e nngwe le e nngwe. Mohlala, boikarabelo mabapi le tokelo ya bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo a dipolotiki ke bo latelang:
Ho se be le motho ya kenyetsang batho ditshoso ba mekga e fapaneng ya dipolotiki;
Ho dumella batho ba bang ho hlahisa maikutlo a bona a dipolotiki
Ho vouta sephiring
Ho se qhale dikopano tsa mokga o mong wa dipolotiki
Ho netefatsa hore boahi bo bontshitswe pele motho ya kgethang a ngodisetsa ho vouta ka ho fumana tokomane ya boitsebiso ya mmuso le ho ya ka ona seteisheneng sa moo ho voutwang teng.
Mmuso o lokela ho dumella mekga ya dipolotiki kaofela ho sebetsa ka bolokolohi
Ho sireletsa diteishene tsohle tsa moo ho tshwarelwang dikgetho teng
Ho fa mokga o mong le o mong wa dipolotiki nako e lekanang ya ho buwa thelevisheneng le radiyong.
Ho phethahatsa karolo ya 20 ya Molao wa Motheo e etsang monyetla wa hore ?ho se be le moahi ya tingwang boahi?.
Ho qobella Molao wa Dikgetho ka dinako tsohle haholo nakong ya dikgetho.
BASEBETSI
Karolo ya 23 ya Molao wa Motheo e etsa monyetla wa hore ?Motho e mong le e mong a be le tokelo ya tshwaro e hlokang leeme ya mosebetsing mme sena se akaretsa tokelo ya ramosebetsi le mosebetsi le mabapi le ho thehwa ha mekgatlo ya basebetsi. Karolo ena e dumellana le karolo ya 13 - ya bokgoba, bosebeletsi le ho tlamellwa ho sebetsa, ya 16 ? bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo, ya 17 ? ya dikopano tsa ho pepesa, ho hlahisa boipelaetso le mangolo a boipelaetso le ya 18 ? ya bolokolohi ba ho ikamahanya le mang kapa mang.
Karolo ena ya molao e ne e tletse kgethollo e thehilweng botjhabeng, ho bong, boemong kapa boemong ba dilemo. Batho ba batsho ba ne ba futsitswe haholo ke kgethollo ya mofuta ona ho feta baahi bohle ba bang ba Afrika Borwa. Ntle le boemo ba thuto, Batho ba batsho ba ne ba le maemong a tlase ho feta haholo basadi le ana ba neng ba sebediswa jwalo ka makgoba le ho tlamellwa ho sebetsa. Batho ba holofetseng ba e ba sa nkelwe hloohong ho hang tabeng ya mosebetsi. Le ha ho le jwalo ho entswe molao wa basebetsi ka mokgwa o batsi ho phekola karohano tsa nakong e fetileng ho rarolla kgethollo le tlhokeho ya mosebetsi le ha dikarolo tsena di ntse di hlahela haholo hobane le basebetsi ba mapolasing ba ne ba sa kenyeletswa Molaong wa 1955 wa Dikamano tsa Mosebetsi wa Afrika Borwa ka lebaka leo ba ne ba tobane le bothata bo boholo mme le nakong ya hona jwale ba netse ba sotlwa ke borapolasi. Sena se bakile tlhokeho ya kutlwano empa boemo bona bo a ntlafala ka morao hoba ho etswe molao baekng sa basebetsi ba mapolasi le ba malapeng. Molao o ile wa fetolwa wa Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995, Dipehelano tsa Mantlha tsa Mosebetsi tsa 1997 mme ho entswe le molao o motjha , mohlala, Molao wa 55 wa 1998 wa Tekano Mosebetsing, Molao wa 78 wa 1995 wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing, Molao wa 85 wa 1996 wa Ntshetsopele ya Mahlale a Mosebetsi. Morero wa sehlooho wa ntshetsopele ena ya melao ke ho ntlafatsa maemo a mosebetsi ho ntlafatsa mmaraka wa tshebtso le ho tlisa boleng ba maemo a mosebetsi bakeng sa bohle ho laela molao wa motheo ketapeleng ya ona ? Ntlafatso ya boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho lokolla bokgoni ba motho e mong le e mong?.
Tokelo aya dikamano tsa mosebetsi jwalo ka ditokelo tsohle e na le boikarabelo bo tsamayang le yona, mohlala, e hloka hore ?
re imatlafatse ka mahlale kapa mangolo a hlokehang ho ka kena lebelong la tlhodisano ya mesebetsi e batlehang.
Re ikamahanye le melawana ya mosebetsi dibakeng tsa mosebetsi.
Re ipapise le boitshwaro bo botle le ho latela mohato o nepahetseng wa ho qobella tokelo tsa rona , haholo tokelo ya ho kenela seteraeke.
Re sebedise monyetla o mong le o mong o teng ho ntshetsa pele mahlale.
Re qobe ho kgetholla ba bang ka metheo efe kapa efe.
Mmuso o lokela ho theha le ho qobella tshebediso ya molao o tshireletsang basebetsi kgethollong le mosebetsing wa qobello.
MOELELO WA THUPELO YA PHEDISANO
Thuto ya Moelelo wa Phedisano e rerile ho fana ka monyetla ho bahlanka kaofela ba kgotla wa tsebo le kutlwisiso hore ba kgone ho amohela lehlakore la batho ba bang le maemo a bona a fapaneng le a bona e le hore diqeto tseo ba di etsang di be le toka mme di nepahale setjhabeng seo re phelang le sona?
Tokomane ya Wekeshopo ya Yuniti ya Molao, Botjhaba, ya Yunivesithing ya Cape Town
Ka ho etsa jwalo ho tla ba le tjhadimo tsa sehlopha se dumellanang. Ho feta mona batho ba leka mekutu a ho boloka kapa ho ba le tjhadimo e nepahetseng ha ba le ka hare ho sehlopha papisong le dohlopha tse ding, hobane ntho ena e hlahela hantle boitemohong.
Ha ke hlahise hore batho ba morero ba etsa qeto ya ho sebedisa ditjhadimo tse sa nepahalang. Hantlentle tjhadimo tsa botjhaba le tsa tshekamelo ya bong di teng, kelellong tsa rona, tse tswetsweng ke phedisano setjhabeng seo re leng ho sona le ho kgothaletswa ke botjhaba bo botjha le boraditaba. Ka dinako tse ding tjhadimo tsena di kgokgothetswe institjusheneng tsa rona. Re na le ho di amohela e le dinnete. Ha re tjametswe ke bothat, re atisa ho sebedisa tjhadimo tsena hobane ho tlwaelehile ebile ho bonolo ho etsa jwalo ? ho feta ho hlahloba bothata le ho fumana tharolo ya qeto e nang le kello ka tsela ya monahano le ho mamela ekasitana le hlopholla ditaba?.
MESEBETSI YA TJHADIMO TSA MOFUTA ONA
KELELLO: Ho kgethula dintho ka dihlopha ho tlisa lefatshe tjhadimong e matlanyana mme ho theha tikoloho e utlwahalang eo ho yona idntho di leng ntsho ho feta kapa di leng tshweu, di kgonang ho hlaka le ho tjhora hantle. Ketso e jwalo bopa lefashe le boitsebelo ba rona kahare ho lona. E re dumella ho sebetsana le lesedi le lengata haholo hang hang.
BOLENG: Tjhadimo e kenya letsoho mokgweng oo motho a hokelang boleng ka teng dinthong. Moo ho kgethulo dintho ka dihlopha ho nang le boleng bo itseng mme ho amehang ka sela e tobileng le ya bohlokwa mokgweng oo motho a hokelang boleng ka teng dinthong, ho na le molemo bothong wa ho boloka le ho akofisa tswakatswano ya dihlopha.
TSEKELLA HO FUMANA KUTLWISISO PELE KA MORAO HO MOO O BATLE HO UTLWISISWA
Ho mamela ka ho nkella hloohong maemo a motho e mong ho thusa hore o kgone ho kena kahare ho tsela ya monahano ya motho e mong. O kgona ho sheba ho tloha sebakeng seo, o bona lefatshe ka tsela eo motho e mong a le boanng ka teng, o utlwisisa boemo ba monahano ba motho eo, o utlwisisa ka moo motho eo a utlwang ka teng.
Ho mamela ka ho nkella hloohong maemo a motho e mong ho matla haholo hobane ho o fa lesedi le nepahetseng leo o tla kgona ho sebetsa ka lona. Ho e na le hore o ipabole le ho nahanela motho e mong ka maikutlo, maikemisetso le kutlwisiso, o kgona ho sebetsana le nnete e ka hare ho kelello le pelo ya motho e mong. O mametse hore o tsebe ho fumana kutlwisiso. O tjhorile hore o fumane kgokahano e tebileng ya botho ba motho e mong.
Le ha ho le boima ho etsa jwalo, tsekella ho utlwisisa, kapa hlahloba pele o etsa qeto le ho kgothaletsa.
Leqheka la kahlolo e nepahetseng ke kutlwisiso. Ho diha kahlolo pele, motho a ke ke a hlola a sa utlwisisitse ka ho phethahala.
Hobane re mamela boitlhaloso ba ba rona, re atisa ho arabela ka o mong wa mekgwa ena e mene. Re hlahloba ka morero wa ho dumela kapa ho se dumele; re fata dipotso ? re botsa dipotso ho tloha ka lehlakoreng la monahano wa rtona; re a eletsa ? re fana ka thuso ya keletso ho latela maemo ao e leng a rona; kapa re a hlalosa ? re leka ho fumana hore batho ba jwang, ho hlalosa maikemisetso a bona, boitshwaro ba bona, ho latela maikemisetso le boitshwaro boo e leng ba rona. Karabelo tsena di itlisa feela ho rona ka lebaka la ho tlwaela. Re kene ka botebo bo boholo ho tsona mme re phela ho ya ka takatso ya tsona ka dinako tsohle.
Ako bone ka moo kutlwisiso e ka tlisang phapano ka teng! Dikeletso tse reretsweng botle kaofela lefatsheng di ke ke tsa fetoha seolo sa dinawa haeba re sa rarolle bothata ba sebele bo re bo fuweng. Mme re ke ke ra fihlella bothata haeba re iphumana re tshwasehile ke boitlhaloso ba ditaba tsa rona, tsela tsa rona tsa monahano, hore ha re kgone ho role dibrele tsa rona ho lekaneng hore re ka kgona ho bona lefatshe ho latela tjhadimo e nngwe. Ha o batla ho utlwisisa e le nnete, ntle le tataiso kapa boikaketsi, ho tla ba le dinako tseo ka tsona o tla makala ka tsebo e hlwekileng le kutlwisiso e tla o tlela e tswang mothong e mong. Ha se hore kamehla ho hlokeha hore o buwe ho toboketsa ntlha ya hao. Hantlentle ka dinako tse ding mantswe a ema tseleng ya hao.
Ha o ithuta ho mamela ka botebo se buuwang ke motho e mong, o tla sibolla phapano e kgolo ya tjhadimo. O ka nna wa bona lefatshe ka tsela eo molekane a le bonang ka teng; ke bona lefatshe ka tsela ya tjhelete ya ngongoreho ya moruo.
Ho fihlella motho e mong ke ho tsamaya moo ho halalehang.
KGOHLANO YA DITOKELO
Ho na le thuto ya tlhakiso e etswang ka tlelaseng. Ditshwantsho tsa thuto ena di hasanngwa ka tlelaseng.
TSHIRELETSO EO E SENG YA MOLAO
Ha tokelo ya motho e sa hlomphuwe a ka sebedisa tsela eo e seng ya molao ya tshireletso ya tokelo ya hae. A ka leka ho rarolla qaka ena le motho ya amehang. Ha teko eo e hloleha a ka leka bonamodi ka ho kenyeletsa e mong wa batho ba latelang:
Moruti
Morena
Setho sa lekgotla/Khanselara kapa
Moetapele wa setjhaba, jwalo jwalo.
Haeba hoo ho hloleha a ka leba institjusheneng ya molao.
TSHIRELETSO YA MOLAO
Kgaolo ya 9 , institjushene ke dibopeho tseo tse ka atamelwang bakeng sa tshireletso ya ditokelo tsa motho.
Tsona ke:
Mosireletsi wa Setjhaba
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho
Khomishene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo le Botjhaba, Bodumedi le Puo ya Ditjhaba
Khomishene ya Tekano ya Bong
Khomishene ya Dikgetho
MOSIRELETSI WA SETJHABA
Mosireletsi wa Naha wa Setjhaba, Monamodi (Ombudsman), jwalo ka ha ofisi ena e ne e tsejwa nakong e fetileng, ke mohlanka wa boemo bo hodimo.
O ikemetse mme ha a itshetleha mmusong kapa mokgeng wa dipolotiki
O kgethwa ke Palamente ho latela Molao wa Motheo
O amohela ditletlebo tse tswang ho batho ba llang ka mekgatlo ya boemedi ba mmuso kapa bahlanka, mme
O na le matla a ho fuputsa, ho kgothaletsa mehato ya tokiso ya phoso le ho fana ka tlaleho.
Motho ofe kapa ofe a ka hlahisa ngongoreho ya hae ho Mosireletsi wa Setjhaba, ya tla fuputsa tletlebo. Nahana ka Mosireletsi wa Setjhaba jwalo ka moletsaphala ya kgonang ho sheba bothata ka mahlakoreng ohle. Haeba Mosireletsi wa Setjhaba a fumana hore ngongoreho e na le toka, o tla etsa mawala ohle ho fumana tharollo ya bothata, e kenyeletsang ho kgothaletsa diphetoho tseleng ya tshebetso.
Mosireletsi wa Setjhaba a ka tlaleha bothata bona Palamenteng, e tla tshwara kgang ka taba ena le ho bona hore dikgothaletso di a latelwa.
Diphuputso hangata di etswa ka mokgwa oo e seng wa molao, empa Mosireletsi wa Setjhaba a ka bitsa ka molao batho ho tla fana ka bopaki tlasa kano kapa tiiso haeba hoo ho hlokeha.
KE MANG YA KA FUPUTSWANG KE MOSIRELETSI WA SETJHABA?
Mmuso boemong bofe kapa bofe. Mona ho kenyeletswa mmuso wa naha le wa provense, mafapha a mmuso le makgotla a selehae.
Motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi wa setjhaba. Mona ho kenyeletswa motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi wa molao o amang bohle kapa karolo ya batho ba Afrika Borwa, mohlala, mosebeletsi wa mmuso, ya jwalo ka lepolesa kapa mohlanka ya kgethilweng.
Dikoporasi kapa dikhampani moo mmuso o nkgang lefotha, mohlala, Eskom le Telkom Ltd.
MOSIRELETSI WA SETJHABA A KA FUPUTSA ENG?
Leeme le sa lokang leo molli a ileng a thulana le lona kapa motho e mong, mohlala, ka lebaka la tshebediso e fosahetseng ya matla, tshwaro e nang le leeme, ho se tshepahale, ho hloka mekgwa e metle kapa boitshwaro bo bong bo seng botle, tiehiso e sa hlokeheng, tlolo ya tokelo ya botho, ntho efe kapa efe e entsweng kapa qeto e entsweng ke balaodi.
Tsamaiso e fosahetseng
Ho se tshepahale kapa ho se hlomphe tshebediso ya tjhelete ya setjhaba
Ho amohela molemo o sa tshwanelang
MOTHO O LEBISA SELLO SA HAE JWANG HO MOSIRELETSI WA SETJHABA?
Ha sello sa hao e le leeme, o lokela ho leka ho rarolla bothata bona ka bowena pele o lebisa tletlebo ho Mosireletsi wa Setjhaba, mohlala, ka ho buwa le mohlanka kapa bahlanka ba amehang., kapa haeba hoo ho sa sebetse ka ho ngolla motho ya ikarabellang ho mohlanka kapa bahlanka , mohlala, Hlooho ya Lefapha.
Ha feela o sa kgone ho rarolla bothata, ke hona o ka ngollang ho Mosireletsi wa Setjhaba ? o ka romela lengolo ka fekse kapa ka ho le fihlisa ka matshoho.
Mofuta wa tletlebo ya hao.
Boitshetleho le histori ya tletlebo
Mabaka a etsang hore o utlwe hore tletlebo e lokela ho fuputswa ke Mosireletsi wa Setjhaba
Mehato e nkilweng ho rarolla bothata bona ka bowena (haeba ho hlokeha)
O lokela ho hlahisa mabitso a mohlanka eo o neng o ntse o sebetsa taba ena le yena, matsatsi le se ileng sa buuwa.
Dikhopi tsa mangolo afe kapa afe dipakeng tsa hao le bahlanka a lokela ho hokelwa lengolong la hao.
Nomoro ya founu moo o ka fumanehang teng, haeba o na le yona.
Dintlheng tse ding Mosireletsi wa Setjhaba a ka nna a hloka tlhaloso tlasa kano pele a etsa diphuputso.
Ha o sa tsebe hantle hore naa bothata ba hao ke bo ka fuputswang ke Mosireletsi wa Setjhaba kapa tjhe, kapa haeba o sa tsebe ho ngola, o ka founela ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba. Ho na le basebetsi ba moifo ba rupetsweng ba profeshenale ba tla mamela tletlebo ya hao, ho sa tsotelehe hore e kgolo kapa e nyenyane, mme ba etse diphuputso.
Dintlheng tse ding moifo o kgona ho thusa batho ho fumana tharollo ya ka potlako ya mathata a bona. Moifo o kgona le ho o thusa hore o ise tletlebo ya hao hokae haeba Mosireletsi wa Setjhaba a sa kgone ho thusa.
O ka nna wa etela le ofising bakeng sa puisano kapa therisano, haeba o kgahlwa ke ho etsa jwalo. Ho molemo ho ngola pele mme o kope hore ho buisanwe le wena lengolong leo.
NAA HO NA LE MOTHO OFE KAPA OFE YA TLA TSEBA KA TLETLEBO YA KA?
Mosireletsi wa Setjhaba le moifo ba tla boloka lebitso la motletlebi e le lekunutu ha ho hlokeha, le ha ho kgoneha.
KE TLA LEFISWA BOKAE HO FUMANA THUSO HO MOSIRELETSI WA SETJHABA/
Letho. Ditshebeletso di fumaneha mahala mme di fumanwa ke motho e mong le e mong ya nang le bothata jwalo ka ha ho hlalositswe ka hodimo.
KE NTHO YA MOFUTA OFE EO MOSIRELETSI WA SETJHABA A KE KENG A E FUPUTSA.
Dikahlolo tsa baahlodi le bomaseterata, ho kenyeleditswe le dinyewe tseo ba seng ba di dihile. Diketso tsa praevete tsa batho, dikhampani tsa praevete, dingaka kapa maqwetha ba sa sebeletseng mmuso.
Le ha ho le jwalo, moifo wa Mosireletsi wa Setjhaba o ka thusa ka ho o bolella hore o lebise tletlebo hokae kapa hore o etse jwang dintlheng tse boletsweng ka hodimo. Ho tse ding tse itseng Mosireletsi wa Setjhaba a ka nna a o romela lekgotleng la molao moo ho leba kgotla ho tla beng ho le molemo ho feta ho sebetsana le nyewe ya hao. Ka lebaka la hobane Mosireletsi wa Setjhaba ha a sebetse jwalo ka leqwetha la motho ofe kapa ofe, o tla romelwa leqwetheng haeba nyewe ya hao e lokela ho leba lekgotleng la dinyewe.
Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba wa Naha e Pretoria.
Aterese ya Poso ke :
Founu: 012 322 2916
Le ha ho le jwalo, provenseng e nngwe le e nngwe ho tse robong ho na le Mosireletsi wa Setjhaba.
KHOMISHENE YA DITOKELO TSA BOTHO
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho e kgothaletsa tlhompho le tshireletso ya ditokelo tsa botho. Seabo sa yona ke ho ruta batho ka ditokelo tsa botho le ho fuputsa ditletlebo tse mabapi le taba ya ho se hlomphe ditokelo tsa botho. E kgona ho hlophisetsa motho leqwetha le tla mo thusa ho tshireletsa ditokelo tsa hae mme e ka isa dinyewe lekgotleng la dinyewe ha ho hlokeha. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho (HRC) ke mokgatlo o ikemetseng o ikarabellang feela Molaong wa Motheo. E tlameha ho fana ka tlaleho Palamenteng hang ka selemo.
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho isa tletlebo Khomisheneng ya Ditokelo tsa Botho o lokela ho tlatsa foromo ya ditletlebo e bitswang ? SAHRC Complaints form?.
Aterese ya Poso ke:
Founu: 011 484 8300
KHOMISHENE YA NTSHETSOPELE LE TSHIRELETSO YA DITOKELO TSA BOTJHABA , TUMELO LE DIPUO TSA DIHLOPHA
Khomishene e thehilwe hore e kgothaletse le ho sireletsa ditokelo tsa botjhaba bo fapaneng, tumelo le dipuo tsa batho. E lokela ho kgothaletsa le ho ntshetsa pele kgotso, kutlwisisano le kopano ya naha hara batho bana mabapi le tekano, ho se kgetholle le bolokolohi ba ho ikamanya le mang kapa mang.
KHOMISHENE YA TEKANO YA BONG
Ke ntlha ya bohlokwa haholo hore dibopeho tsohle tsa mmuso, ho kenyeletswa le Mopresidente ho utlwisisa ka botlalo hore tokoloho e ke ke ya fihlellwa ha feela basadi ba sa lokollwa ditlamong tsa kgatello?.
Mopresidente Nelson Mandela, ha a ne a bula Palamente ya pele e kgethilweng ho latela demokerasi ya Afrika Borwa ka la 24 Motsheanong 1994.
Khomishene ya Tekano ya bong ke e nngwe ya institjushene tse tsheletseng tsa mmuso e tshehetsang demokerasi e ileng ya hweletswa ka Molao wa Motheo wa 1996. Sepheo sa Khomishene jwalo ka ha se hlakisitswe karolong ya 187 ya Molao wa Motheo ke ho kgothaletsa tekano ya bong le ho eletsa le ho kgothaletsa palamenteng kapa lekgotleng lefe kapa lefe le etsang melao mabapi le molao ofe kapa ofe kapa molao o lohothwang o amang tekano ya bong le boemo ba basadi.
Aterese ya seterata:
Braamfontein 2017
Founu ke: 011 403 7182
Mohlakisi kakaretso o lekola diakhaonte tsa mafapha ohle a mmuso wa naha le a provense ekasitana le mebuso kaofela ya selehae ho netefatsa hore ho na le boikarabelo ditjheleteng.
KHOMISHENE YA DIKGETHO
Dipuisano tse ileng tsa tswala tharollo ya dipolotiki Afrika Borwa hara tse ding ke ho thehwa ha Khomisehene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) ho latela dipallo tsa Molao wa Motheo wa 1993.
Maikemisetso a Khomishene ke ? ho matlafatsa molao wa motheo, demokerasi le ho kgothaletsa tshebetso ya dikgetho sa demokerasi?. Khomishene e na le thomo ya ho tsamaisa dikgetho tsa naha, tsa diprovense le tsa bomasepala ha mmoho le direferandamo.
Matla a yona, boikarabelo le mesebetsi ke dintlha tse hlahang Karolong ya 5 ya Molao.
Karolo ya 19 ya Molao wa Motheo e boetse e etsa monyetla wa tshireletso ya ditokelo tsa dipolotiki, tseo e leng tsona mooko wa tshebetso ya eo e leng ya Khomishene.
Aterese ya seterata:
Founu: 012 428 5700
Khomisehene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) e na le diofisi diprovenseng tse robong kaofela.
Ho na le mekgatlo e meng ntle le institjushene tsa kgaolo ya borobong e thehilweng ho matlafatsa demokerasi ya rona. E meng ya yona ke ena:
Bolaodi ba Kgaso bo Ikemetseng (JWALE KE ICASA)
Khomishene ya Batjha
Bolaodi ba Ditletlebo bo Ikemetseng
Lekgotla la Molao wa Motheo
Lekgotla le Khomishene la Ditseko tsa Mobu
BOLAODI BA KGASO BO IKEMETSENG
Khomishene ena e thehilwe ho hlokomela mahlakore kaofela a kgaso naheng ena, mohlala, ho netefatsa hore kgaso ya radio le ya thelevishene e hloka leeme le hore di hasa ditaba tsa setjhaba sa Afrika Borwa.
KHOMISHENE YA BATJHA
Mopresidente Nelson Mandela o ile a hlomamisa Khomishene ya Naha ya Batjha ha Phupjane e hlola matsatsi a 16 ka 1996 ho latela Molao wa 19 wa 1996 wa Khomishene ya Naha ya Batjha. E thehilwe hore e ntshetse pele lewa le batsi la tharollo ya diphepetso tse tjametseng batho ba batjha ho la Afrika Borwa.
BOLAODI BA DITLETLEBO BO IKEMETSENG
Pono ya Bolaodi ba Ditletlebo bo Ikemetseng (ICD) ke SAPS e fetotsweng ho kgema le moya le ho tshehetsa Molao wa Motheo. Boikemisetso ba bona ke ho kgothaletsa boitshwaro bo nepahetseng ba sepolesa. Sepheo ke ho ntshetsa pele tshepo ya setjhaba mekutung e etswang ke SAPS le ICD ho thibela boitshwaro bo sa nepahalang ba sepolesa, ha mmoho le ho etsa monyetla wa qoso ya batlodi ba molao hara ditho tse fumanwang di ile tsa etsa tlola molao.
LEKGOTLA LE KHOMISHENE YA DITSEKO TSA MOBU
Karolo ya 25 le ya ya Molao e reng motho e mong le e mong ya ileng a lahlehelwa ke naha ka morao ho selemo sa 1913 ka lebaka la molao wa kgethollo o na le tokelo ya ho etsa tseko ya naha eo hore a boele a e buseletswe kapa a fuwe ditlhapiso tsa naha eo. Karolo ya 25 e etsa monyetla wa hore mmuso o fetise molao o tla thusa ho sebetsana le ditseko tsena. Mmuso o ile wa fetisa Molao wa Ditlhapiso le Ditokelo tsa Mobu oo ka ona Khomishene ya Ditseko tsa Naha le Lekgotla di leng tsa thehwa ho hlahloba ditseko tsa batho ba naha.
Mesebetsi ya Khomishene ya Ditseko tsa Mobu ke ho fuputsa ditseko tsa mobu, ho buisana le ho rarolla ditseko tsena le ho fetisetsa ditseko Lekgotleng la Ditseko tsa Mobu haeba e hloleha ho di rarolla. Khomishene ya Ditseko tsa Mobu e na le ditseko tse makgolo tseo e ntseng e tshwarane le ho fi fuputsa.
Lekgotla la Ditseko tsa Mobu le tla etsa qeto e ke keng ya rarollwa ke Khomeshenara. Lekgotla le ka laela hore batho ba boele ba fumane naha ya bona hape, kapa la laela hore motho ya etsang tseko a fuwe naha e nngwe mobung o mong wa mmuso, kapa le ka lefa motho ya kentseng tseko ya ditlhapiso tsa ho lahlehelwa ke naha ya mobu wa hae.
Karolo ya 20 ya molao wa motheo e re: ?Ha ho moahi ya ka hanelwang ka boahi?
Motho ya hlahetseng Afrika Borwa ke moahi wa Afrika Borwa mme a ke ke a hanelwa ka sena. Ho latela karolo ya 21 ya molao wa motheo, ?Motho e mong le e mong o na le tokelo ya bolokolohi ba motsamao, tokelo ya ho tsamaya mona Rephaboliki, tokelo ya ho kena, ho dula le ho phele hohle Rephaboliki le tokelo ya lengolo la botsamai?.
HO HLOPHISA LETSHOLO LE MABAPI LE NTLHA E NEPAHETSENG
Mohala wa seabo sa boahi.
MEHATO E LOKELANG HO LATELWA
Mehato e latelang e 10 e tla o thusa ho rala letsholo la dintlha tse nepahetseng setjhabeng sa heno. Latela mehato ena ho ithusa ka letsholo la hao.
HLAHISA POTSO E AKARETSANG ho hlahloba bothata, mohlala:
Ke bothata ba mofufa ofe?
Mekgwa e itseng ya ho rarolla bothata bona ke efe?
Ho na le dithibelo kapa mathata afe tseleng?
Ke mehlodi efe e teng (ya ditjhelete le ya batho)?
KGETHA BOIKEMISETSO BO QOHOLEHILENG ba letsholo(o seke wa ba le maikemisetso a fetang a 4). Ka mantswe a mang o ilo etsa eng e le karolo ya letsholo la hao. Etsa qeto ya nako ya letsholo lena kaofela.
QOTSA NTLHA BOIKEMISETSONG BO LE BONG O FUMANE MAIKUTLO ketso le mehato e hlokeha ho fihlella boikemisetso bona. Ngola tsena tsohle fatshe. (Hobane ho hlahiswa maikutlo feela mehopolo ya tse ka etswang e ke ke ya latelana ka mokgwa o itseng).
LEKOLA TSEO (HLAHLOBA) MEHOPOLO HO TLOHA MOHATONG WA 3 mme o kgethe mehopolo e bonahalang hore e na le monyetla wa ho atleha. Ngola mohato o mong le o mong kareteng ya diketso e hlwauweng kapa setlankaneng sa pampiri sa boholo ba 5cm x 8cm. (Tsena di bitswa hore ke dikarete tsa mehato).
PHETA MEHATO YA 3 LE 4 BAKENG SA MAIKEMISETSO A MANG ao o ileng wa fumana mohatong wa 2.
NKA LEQEPHE LA DITABA o ngole sehlooho sa letsholo la hao le nako ka hodimo. Seha mola ka tlase. Ngola boikemisetso ba pele ba letsholo ka tlase ho mola ona. Seha mola o mong ka tlase mme o ngole boikemisetso ba bobedi. Tswela pele ho fihlela o ngotse maikemisetso kaofela.
Letsholo: ho kgaotswa ha dikgoka tsa Ditekesi Nako: Dikgwedi tse 6
BOIKEMISETSO
Ho tshwara kopano ya setjhaba
Ho hatisa diphoustara
Ho kopana le molekgotla/khanselara
HLOPHISA DIKARETE TSA DIKETSO TSA BOEMONG BA 4 ka tatellano mme o di bapise le maikemisetso a loketseng. Qala ka bohato bo bobebe kapa bohato bo potlakileng ho feta. Tshohla dikarete tsa mehato o di hlophise botjha haeba ho hlokeha. Kenya mehato mohato ofe kapa ofe o motjha o hlahiswang.
Letsholo: ho kgaotswa ha dikgoka tsa Ditekesi Nako: Dikgwedi tse 6
BOIKEMISETSO
Ho tshwara kopano ya setjhaba hlophisa karete tsa ketso hantle
Ho hatisa diphoustara pheta hape mona
Ho kopana le molekgotla/khanselara pheta hape mona
TSHOHLA DIKARETE KA BONNGWE ? e tla nka nako e kae, ke mang ya tla jara boikarabelo ba mohato ka ditshenyehelo dife, haeba ho tla ba le ditshenyehelo. Ngola nako, moth ya tla jara boikarabelo ba ho etsa hoo le ditshenyehelo kgatong ya ketso ka nngwe ya karete ya diketso.
TADIMA NAKO YA LETSHOLO LOHLE ? Ngola dikgwedi ka hodimo leqepheng.
Letsholo: ho kgaotswa ha dikgoka tsa Ditekesi Nako: Dikgwedi tse 6
Ho tshwara kopano ya setjhaba
Ho hatisa diphoustara
Ho kopana le molekgotla/khanselara
TSHOHLA HORE MOHATO KA NNGWE O TLA ETSWA NENG
KGWEDING EFE O ntse o bolokile dikarete tsa hao tsa diketso di le jwalo. Hlophisa dikarete tlasa dikgwedi tse tshwanetseng.
Letsholo: ho kgaotswa ha dikgoka tsa Ditekesi Nako: Dikgwedi tse 6
BOIKEMISETSO
Ho tshwara kopano ya setjhaba
Ho hatisa diphoustara
Ho kopana le molekgotla/khanselara
BOBODU
Thepa e hlokehang tlasa sehlooho sena ke:
Molao wa 94 wa selemo sa 1992 wa Bobodu
Leano la twantsho ya Bobodu le Boqhekanyetsi wa Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo
Molao wa 26 wa selemo sa 200 wa Phatlalatso tse Tshireleditsweng
Khoutu ya Boitshwaro le Boitshwaro wa Kgwebo ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
KAKARETSO YA BILI YA DITOKELO
Tekano: O ke ke wa kgethollwa. Empa ho fana ka menyetla ho ba neng ba tinngwe menyetla pele le kgethollo e hlokang leeme di dumeletswe.
Seriti sa Botho: Seriti sa hao se lokela ho hlomphuwa le ho sireletswa.
Bophelo: O na le tokelo ya ho phela.
Tokoloho le tshireletso ya motho: O ke ke wa kwallwa ntle le ho qoswa, wa sotlwa kapa wa fuwa kotlo e sehloho. Dikgoka tsa malapeng ha di a dumellwa.
Lekunutu: O ke ke wa setjhwa kapa lelapa la hao la fuputswa kapa dintho tsa hao.
Bolokolohi ba tumelo, kgolo le maikutlo: O ka dumela le ho nahana seo o se batlang mme wa latela tumelo kapa kgetho ya hao.
Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo: Batho bohle (ho kenyeletswa boraditaba) ba ka buwa eng kapa eng eo ba batlang ho e buwa.
Pokano, mekoloko ya dipontsho le mangolo a boipelaetso: O ka tshwara kopano, mekoloko ya dipontsho le mangolo a boipelaetso. Empa o lokela ho etsa tsena tsohle ka kgotso.
Bolokolohi ba kamano: O ka amana le mang kapa mang eo o batlang ho amana le yena.
Ditokelo tsa dipolotiki: O ka tshehetsa mokga wa dipolotiki wa kgetho ya hao. Ha o le moahi mme bonyane o na le dilemo tse 18, o dumeletswe ho vouta.
Boahi: Boahi ba hao bo ke ke ba nkuwa ho wena
Bolokolohi ba motsamao le bodulo: O ka tsamaya ho ya dula hohle Afrika Borwa.
Bolokolohi ba kgwebo, tshebetso le profeshene: O ka etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo o kgethang ho o etsa.
Dikamano tsa Mosebetsi: O ka kenela mokgatlo ofe kapa ofe wa basebetsi le ho kena seteraekeng.
Tikoloho: O na le tokelo ya tikoloho e nang le bophelo bo botle.
Thepa: Thepa ya hao e ka nkuwa ho wena feela haeba ho latetswe melawana e nepahetseng.
Ntlo: Mmuso o lokela ho netefatsa hore batho ba fumana matlo a nepahetseng.
Tlhokemelo ya bophelo bo botle, dijo, metsi le tshireletso ya setjhaba: Mmuso o lokela ho etsa bonnete ba ho fumaneha ha dijo, metsi tlhokomelo ya bophelo le tshiretso ya setjhaba.
Bana: Bana ba ka tlase ho dilemo tse 18 ba na le ditokelo tse ikgethang tse tshwanang le tokelo ya ho se hlekefetswe.
Thuto: O na le tokelo ya thuto ya mantlha, ho kenyeletswa thuto ya mantlha ya batho ba baholo, ka puo eo e leng ya hao (moo ho kgonehang).
Puo le botjhaba: O ka sebedisa puo eo o e ratang le ho latela botjhaba boo o bo ratang.
Setho, tumelo le dipuo tsa ditjhaba: Ditjhaba di ka natefelwa ke botjhaba ba tsona, tsa sebedisa tumelo ya tsona le ho sebedisa puo ya tsona.
Ho fihlella lesedi: O na le tokelo ya ho fumana lesedi lefe kapa lefe, leo mmuso o nang le lona.
Mehato e nang le toka ya tsamaiso: Mehato ya mmuso e lokela ho hloka leeme.
Ho kgona ho fihlella makgotla a dinyewe: O na le monyetla wa hore bothata ba hao ba molao bo rarollwe ke lekgotla la dinyewe, kapa sebopeho se tshwanang le seo.
Batho ba tshwerweng, ba kwaletsweng ebile ba qositswe: Tokelo ena e sireletsa batho ba tshwerweng, ba hlahletsweng tjhankaneng kapa ba qositsweng
PHETHELO
Ditokelo tsena tsohle di ka ngotlwa haeba sekepele se tsepamisitsweng temaneng ya (s36) ya ho ngotla ditokelo, e kgotsofaditswe.
